Ebe hobaneng ha basadi ba bang ba bolawa Afrika Borwa e kgutsa feela?

Tears of a Woman anxious-black-and-white

Haholo-holo ba ditoropong tse nyenyane jwaleka Mamafubedu, Petrus Steyn.

Hantle letsatsing la bosupa Afrika Borwa e kene matsatsing a Leshome le Metso e Tsheletseng (16) a letsholo le kgahlano le tlhekefetso ya basadi le bana, setopo sa kgarebe e dilemo tse 27 se fumanwa mabitleng a Mamafubedu, Petrus Steyn.

Nako e ne e le 16h40 thapama ka Labobedi hona bekeng ena ha sepolesa sa Mamafubedu, Petrus Steyn, se fumana tlaleho ka setopo se lahletsweng mabitleng.

Kgarebe ena e fumanwe ena le maqeba hloohong, sefahlehong le mmeleng. Diphuputso tsa sepolesa di bontsha hore o bolauwe ka ho kgangwa.

Kgiribai e neng e jere setopo sa hae le koto e neng e mo bata di fumanwe tlung ya mohlankana wa hae ya dilemo tse mashome a mararo a metso e robong (39) hona Mamafubedu.

Mohlankana enwa o tobane le qoso tsa polao.

Ke ena kgarebe e ya bolawa. Mmelaellwa ke mohlankana hae. Afrika Borwa e kgutsitse. E thotse tuu jwaleka lefatshe.

HOBANENG?

Monna o qoswa ka polao. Banna ba kgutsitse. Hobaneng?

Mohlankana o qoswa ka polao. Bahlankana ba kgutsitse. Hobaneng?

Mosadi o a bolawa.  Basadi ba kgutsitse. Hobaneng?

Morwetsana o a bolawa. Barwetsana ba kgutsitse. Hobaneng?

Kgarebe e a bolawa. Dikgarebe di kgutsitse. Hobaneng?

Athe re etsa lerata ha ho bolailwe bo mang? Re kgutsa ha e le bo mang?

Ebe hobaneng ha basadi ba bang ba bolawa Afrika Borwa e kgutsa feela? Haholo-holo ba ditoropong tse nyenyane jwaleka Mamafubedu, Petrus Steyn.

Ho ka etsahala hore le lebitso la morwetsana enwa wa Petrus Steyn ha re le tsebe, empa le yena ke mosadi. Ebile ke motho jwaleka batho ba bang.

Ho ka etsabahala hore le lelapa la habo ha le tsebahale kapa ha le a tuma empa le yena o tswa lelapeng le itseng jwaleka mang kapa mang. Ke moradi wa mmae le ntatae. Ke kgaitsedi ya motho. Ke ausi wa motho. Ke setloholo sa ntatemoholo le nkgono wa hae.

Ebe ke ba bakae ba ile ba utlwa sello sa hae ha a ne a tetekwa a bile a batwa ka koto hloohong, sefahlehong le mmeleng? Ba bang ba utlwile empa ba ikgethela ho kgutsa.

Ba bang ba utlwile ka polao ya hae empa ba ikgethetse ho kgutsa.

Tsatsing la Mantaha, 7 Tshitwe 2020, mohlanka hae o hlahella kgotla. Ebe ba bakae ba tla ema ka maoto ho ilo tshehetsa lelapa la enwa morwetsana. Ebe hape re tla bona na boipilaetso boo re hlolang re bo bona ha diketsahalo tsena di etsahetse ditoropong tse itseng tse tsebahalang kapa ha e le ba tsebahalang ba amehang.