Metsi a matjha a ntsha a kgale Masepaleng wa Metsimaholo

Tlaleho ka Lekhotla Mokoena

Ho tloha tsatsing la pele la kgwedi ena e hodimo ya Mmesa Masepala wa Metsimaholo ho la Sasolburg o se o ena le Mookamedi ya ka Sehloohong wa Masepala le Molaodi wa Sehlooho wa Ditjhelete.

Bona ke Monghadi FJ Motloung ya kalletseng maemong a Bookamedi bo ka Sehloohong ba Masepala hammoho le Mme FV Mareka ya kotsometseng sa Bolaodi ba Sehlooho ba Ditjhelete tsa Masepala. Lekgotla la Motse la Metsimaholo le nkile qeto ya ho beha bobedi bona ditulong tseo tse maratswana kopanong ya Lekgotla la Motse e bileng bekeng e fetseng ka la 27 Hlakubele.

Mmuelli wa Masepala Ngaka Gino Alberts o boletse hore bakgethwa bana ha ba batjha sedikadikweng sa mebuso ya selehae kaha ba kile ba sebetsa bommasepaleng ba fapaneng mme ba tla ka boiphihlelo bo boholo masepaleng.

Motloung o nka moo a ntseng a tshwere mokobobo teng ho tloha kgweding ya Phupu ngwahola. Le dinakong tsa ho feta o ne a ntse a tshwara bookamedi ba masepala nako le nako ha a kopuwa ke Lekgotla la Motse. Kgeweding ya Hlakubele ngwahola o ile a hirwa maemong a Molaodi wa tsa Ntshetsopele ya Tshebetso le Ditshebeletso tsa Bosebetsi kahara Masepala.

Alberts o hlalositse Motloung a na le boiphihlelo ba dilemo tse fetang tse 20 tshebetsong ya masepala e kenyeleditseng kahare Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Bosebetsi, Bolaodi ba dibaka tsa boithapollo le Bolaodi ba boreki ba ditshebeletso. Ho tsa thuto o na le mangolo a tsa Tsamaiso ya Basebetsi le Tsamaiso ya Kgwebo.

Haele Mareka o mo hlalositse a ena le boiphihlelo  ba dilemo tse 16 tsamaisong ya ditjhelete tsa masepala le tse fetang tse hlano tshebetsong ya ditjhelete dikgwebong tse ikemetseng. O na le dilemo tse robong tshebetsong ya ditekanyetso tsa ditjhelete le ho tlaleheng ha tsona.

Mareka o kile a tshwara mokobobo bolaoding ba ditjhelete Masepaleng wa Nketoana dilemong tsa 2012/2013 moo a ileng a fihlela tlaleho e ntle ya mohlahlobi wa dibuka. A boela hape a ba Molaodi wa Sehlooho wa Ditjhelete Masepeleng wa Masilonyana ho tloha ka 2014 ho fihlela selemong sa 2018. A ba le Masepaleng wa Bitou moo a ileng a ba sehlopheng se ileng sa tlisa tlaleho e hlwekileng ya dibuka tsa ditjhelete tsa masepala.

O na le mangolo a thuto ditabeng tsa tsamaiso ya ditjhelete mme ha jwale o ntse a tshwarane le dithuto tsa Masters. Majoro wa Phethahatso wa Metsimaholo Jack Malindi o amohetse bobedi bona ka le reng: “Re na le tshepo ya hore Mookamedi ya ka Sehloohong wa Masepala le Molaodi wa Sehlooho wa Ditjhelete ba tla etsa mosebetsi wa bona ka bokgabane le ka bohlokolotsi.

“Maemo ana a batla boikarabelo bo boholo ebile boikarabelo bo boholo ke ba ho etsa dintho molemong wa mokgatlo ona le ho ipapisa le molao. Re tla ba tshehetsa kahohle hohle, mme mmoho re tla tsitlallela maemo a hodimo a tsamaiso e makgethe.”