Kamora ho sitiswa ke sewa sa Covid-19 bakeng sa dilemo tse pedi, mokete wa Macufe o tla boela o tshwarwa hape monongwaha. Sena se phatlaladitse ke Tonakgolo ya Free State, Sisi Ntombela puong ya hae ya ka maemo a profensi le ya pulo ya lekgotla la ketsamelao e bileng ka...
Difahleho tsa bonkgetheng di se ke tsa qetellwa ka ho bonwa dipalong le maboteng
Nako ya peiso lebelong le lebileng dikgetho tsa makgotla a metse e fihlile. Lebelong lena ke mekga ya dipolotiki ka bonkgetheng ba yona le bonkgetheng ba ikemetseng. Ho se ho se hokae diplakata tse nang le difahleho le mabitso a bonkgetheng di tla be di leketla dipalong tsa motlakase tse...
E lekane kapa ha e ya lekana?….R350 e kgutlile
O ka nahana hore R350 ke tjhelete e nyenyane le hore ha e ya lekana ho fihlela o bala buka ya Kabelo Ncholo e reng “How I made my dream life with only R350” eo ha e fetolelwa puong ya Sesotho e reng: Kamoo ke ileng ka fihlela bophelo ba...
Ho tla nkga ho sa bola motsemoholo Mangaung #Nedbankcup2021 Final
Lebala la dipapadi la Free State le motseholo Bloemfontein, Mangaung, le kgethilwe e le lona moo papadi ya Makgaola-kgang a Mohope wa Nedbank ya 2021 e tlang ho tshwarelwa teng mme e ba lebala la dipapadi la boleshome (10th) leo ho bapallwang makgaola-kgang a mohope ona nakong ya dilemo tse...
ROBALA KA KGOTSO KGABANE: Kgotso Pieter David (K.P.D.) Maphalla
Mofu KPD Maphalla o hlahile ka selemo sa 1955(Free State), mme o hlokahetse ka la 5 Mmesa selemong sena. Mofu Maphalla o tsebilwe haholo ka lerato la bongodi le poulelo ya hae lelemeng la habo la Sesotho. Ho fihlela ha jwale mofu o ngotse dibuka tse fetang mashome a supileng(70),...
Dipalo-palo tsa Covid-19 naheng ya Afrika Borwa
Ho bile le ditlaleho tse 2 548 tse ntjha tsa Covid-19 naheng ya Afrika Borwa letsatsing la Mantaha a la 1 Hlakola 2021. Palo ka kakaretso ya ditshwaetso tsa Covid-19 Afrika Borwa e se e le 1 456 309 . Ho bile le mafu a 235 a tlalehilweng hona letsatsing...
Dipalo-palo tsa Covid-19 Free State
Tsatsing la Sontaha sa di 31 Pherekgong 2021, Profensi ya Free State e bile le ditlaleho tse 281 tsa ditshwaetso tsa Covid-19. Sena se tlisa palo ka kakaretso ya ditshwaetso tsa Covid-19 ho 76 279 kahare ho Free State. Setereke sa Thabo Mofutsanyana ke sona se bileng le ditlaleho tse...
Keresemese pele ho Keresemese bakeng sa Maqheku le batho ba nang le boqhwala
Keresemese e tlile pele ho letsatsi la yona bakeng sa maqheku le batho ba nang le boqhwala lebatoweng la leshome le metso e supileng (Ward 17), Sasolburg. Tsatsing la Sontaha e bile le tletseng thabo le monyaka bakeng sa bona ha ba ne ba fuwa diaparo le mephako ya dijo...
Ebe hobaneng ha basadi ba bang ba bolawa Afrika Borwa e kgutsa feela?
Haholo-holo ba ditoropong tse nyenyane jwaleka Mamafubedu, Petrus Steyn. Hantle letsatsing la bosupa Afrika Borwa e kene matsatsing a Leshome le Metso e Tsheletseng (16) a letsholo le kgahlano le tlhekefetso ya basadi le bana, setopo sa kgarebe e dilemo tse 27 se fumanwa mabitleng a Mamafubedu, Petrus Steyn. Nako...
Kgarebe e bolauwa ka sehloho Mamafubedu, Petrus Steyn
Sepolesa sa Mamafubedu, Petrus Steyn, se kwalletse ntlwana-tshwana monna ya dilemo tse 39 ka diqoso tsa ho bolaya kgarebe ya hae e dilemo tse 27. Monna enwa o tla hlahella kgotla tsatsing la Mantaha a la 7 Tshitwe 2020. Ho kwallwa ha monna enwa ho tla kamora hoba Sepolesa se...