Macufe e ya kgutla hape

Kamora ho sitiswa ke sewa sa Covid-19 bakeng sa dilemo tse pedi, mokete wa Macufe o tla boela o tshwarwa hape monongwaha. Sena se phatlaladitse ke Tonakgolo ya Free State, Sisi Ntombela puong ya hae ya ka maemo a profensi  le ya pulo ya lekgotla la ketsamelao e bileng ka Mantaha, 28 Hlakola 2022.

Ha a fana ka tlaleho ya diphihlelo tsa mmuso wa Free State
le merero ya selemo se tla thwasa sa ditjhelete,  o boletse hore mmuso o tlameha ho ikitlaetsa
kahohle hohle ho finyella ditabatabelo tsa baahi ba profensi ya Free State ka
ho theha mesebetsi, ho aha matlo le ho phana ka ditshebeletso tsa mantlha.

“Ha re ya tlameha ho hloleha. Sena se molemong wa batho
bohle ba Free State,” ho rialo Tonakgolo.

O ekeleditse ka hore ho molemo hore batho ba ahlole ka
diketso ho ena le seo ba neng ba hopotse ho se etsa.

Ntombela o boletse hore ke maikemisetso a mmuso wa hae wa
Free State ho fedisa tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho selekalekane.

O boletse hore selemo sena se ho kodumela sa ditjhelete,
hara tse ding, mmuso wa Free State o kgonne ho etsa tsena tse latelang:

  • Tshehetso ya tjhelete ka R10 millione ho
    dikgwebo tse 30 mme tshehetso e bile ho thusetseng ka disebediswa le khiro ya
    dibaka tsa moo di sebeletsang teng.
  • Theho ya mesebetsi e 164 setsing sa ntshetsopele
    ya moruo se Maluti-a-Phofung.
  • Ho fana Vrede Dairy ho beng ba yona ba 65.
  • Ho theha mesebetsi e 54 008 ka lenaneo la
    Expanded Public Works Programme.
  • Ho tsoseletsa mebila kahara makeishene.
  • Ditokiso tsa dibaka tsa kokelo tse jwaleka ditliniki.

Tonakgolo o boletse hore Mmuso wa
Foreistata o tla qetella ditokiso tsa mebila e kopanyang ditoropo tse fapaneng
kahare ho Foreistata ho kenyeleditse kahare mmila wa Deneysville le Heilbron le
o pakeng tsa Jim Fouche le Deneysville.

Ntombela o boetse o etsa
boipeletso ba hore ho fediswe tshotlo ya bana le basadi. “Bomme le ban aba
tlameha ho ikutlwa ba bolokehile le ho phela ka polokeho.”

Tonakgolo o boletse ha a
kgathatsehile ke maemo a bommasepala kahara profensi ya Free State. Hammoho le
SALGA puso ya hae e tla tswa letsholo ho bona hore maemo a bommasepala a
ntlafala jwang.