O hloka ho lokollwa ditlamong tsa Mona kapa Lefufa

Hangata re ye re natse haholo mahloko a mmeleng, re be re kope dithapelo tsa phodiso bakeng sa wona. Feela, ho na le mahloko a moyeng kahare ho motho ao re sa a tsotelleng athe le wona a re qeta, a re bolaya. Le leng la mahloko ao ke mona kapa lefufa, ho ngola Moruti Matefu Mokoena.

Moruti Matefu Mokoena wa Apostolic Faith Mission of South Africa, Batho Assembly – Bloemfontein

Mona kapa lefufa le hlaloswa e le maikutlo a soto le a lonya ao motho a bang le ona ha a bona katleho ya motho e mong kapa ha a bona tseo motho e mong a nang le tsona kapa ha a na le bokgoni ba seo ena a sa se kgoneng.

Hape mona ke bora boo motho a bang le bona ho e mong ka baka la tseo a nang le tsona.

Mona o tsamaisa le mohono. Mohono ke ho lakatsa sa e mong.

Ho ya ka Bibele, mona o ya kudisa.  Buka ya Diproverbia 14:30 e re: “Pelo e tshweu e phedisa mmele  wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.”  Bohloko ba mona bo qala kahare bo kudise moya wa motho ha bo qeta bo tswele kantle bo kudise mmele wa hae.

Mona hape o ya bolaya. Jobo 5:2 e re: “Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona”

Mona o tsosa lehloyo kahare ho motho. Ba bang mona o ba etsa hore ba etse diketso tsa bora ho ba bang jwaleka Kaine a ileng a bolaya ngwanabo Abele. Taba ena eho Genese 4: 1- 8.

Bibele e re Modimo o ile a tadima sehlabelo sa Abele. A se ke a tadima sa Kaine. Yaba sena se tlisa bohale kahare ho Kaine mme a tsohela ngwanabo matla a mmolaya. Kaine o bile mona ho Abele. Ha Abele a fumana tlhohonofatso ya hae, Kaine a tlala ka lefufa le mona. Athe o ne a tlamehile hore a ke a itekole pele mme a ikokobetse pela Modimo ho fihlela le sa hae sehlabelo se amoheleha. EMA ho fihlela nako ya hao e fihla. Le wena nako ya hao e ya tla.

Hlokomela hore ho kotsi ho ba kahara batho ba tletseng lefufa. Ba tla bolaya ditoro tsa hao. Ba tla bolaya pono ya hao. Ba tla o senyeletsa bokamoso. Ba tla o senyeletsa merero ya hao. Ba bang ba tla re seo o se buang se ke ke sa atleha. Ha o potela feela ba inkele sona ba se kenye tshebetsong se ba atlehise. Balehela batho ba tletseng mona le lefufa le mohono. Balehela le sebaka se tletseng mona le lefufa le mohono.

Ana ke matshwao a mona le lefufa ho motho:

  1. Mona o qala ha motho a qala ho kgathatseha haholo ka motho e mong le ka tseo a di etsang. Ha se etswang ke motho e mong se kgathatsa motho e mong, jwale ho qaleha bothata. Ho batla ho tseba ka ba bang ho feta wena. Ho bua tsa ba bang ho feta tsa hao.

Bukeng ya Bagalata 6: 4-5, Bibele e re o shebane le ditaba tsa hao, o tle o tsebe ho kgotsofalla mesebetsi eo e leng ya hao.

  • Hape mona o qala nakong eo motho a dulang a bua haholo ka yena le tseo a nang le tsona nako e kgolo le e nyenyane ha a le hara batho. Bukeng ya Diproverbia 27:2, Bibele o se ke wa ithorisa e mpe e be motho e mong ya o rorisang.
  • Letshwao le leng la mona ke la ho kena tlhodisanong le batho ba bang. Motho ya tlhodisanong ha a batle ho hlolwa ka eng kapa eng, ekaba ka moaparo, ka tsebo, ka tjhelete le ka ho reka. Hape motho ya tlhodisanong o ipolella hore ke yena feela a ka etsang se betere ho feta batho ba bang.
  • Letshwao le leng la mona ke la setsheho le thabo e tliswang ke ho bona diphoso, bofokodi le ho hloleha ha batho ba bang.
  • Le leng hape ke ho lakaletsa ba bang tse mpe ekisatana le ho lakaletsa ho putlama ha mekgatlo, dikgwebo, dikereke le malapa a ba bang.
  • Mona o bonahala hape ka ho nyatsa le ho kgella fatshe mesebetsi, botle, tswelopele le ditalenta tsa batho ba bang jwaleka dira tsa Nehemia ha di ne di kgella fatshe mosebetsi wa hae wa ho tsosa lerako la Jerusalema. Taba ena e bukeng ya Nehemia 4: 1-3. E mong wa dira tsa Nehemia e leng Tobia o ile a re seo ba se hahang  “leha phokojwe e ka hlwella teng, e ka heletsa lerako la bona la majwe!”

Mona, lefufa le mohono ke mahloko a bolayang moya wa motho. Kopa Modimo hore a o fodise ho wona. Hape o se ke wa hana ha o e na le bothata boo jwaleka Bibele e rialo ho Jakobo 3: 14 – 16 “Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete. Bohlale boo hase bo tswang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba batemona. Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.

O hloka ho lokoloha bohlokong ba mona, lefufa le mohono.