Kereke e leboha basebetsi ba tsa bophelo bo botle

Tlotla, teboho le dithapelo di lebisitswe ho banna le basadi ba tetseng maphelo a bona ho ba moleng o ka pele nakong eo Afrika Borwa le lefatshe ka bophara le neng le welwa ke sewa sa Covid-19. Bona ke dingaka, baoki, basebetsi ba tsa bophelo bo botle, basebetsi ba tsa tshohanyetso le dikoduwa, sepolesa, masole le baithaupi.

Ke kahoo kereke ya City of Love and Restoration Full Gospel e motseng wa Zamdela, Sasolburg, e boneng ho hlokeha ho lebisa diteboho ho dingaka, baoki le basebetsi ba Sepetlele sa Fezi Ngubentombi hona Sasolburg.

Tsatsing la Moqebelo kereke ena e ketapeleng ya Moruti Thabiso Mashiloane e ile ya etela sepetlele sena ho fana ka dimpho tsa teboho le thapelo ho basebetsi bohle ba Sepetlele sena.

Mashiloane o boletse hore sena e ne e le sesupo sa ho ananela boitelo ba basebetsi bana le ho ba kgothatsa le ho ba fa tshehetso.   

“Jwaleka kereke re ya tlotla le ho ananela bohlokwa ba bona re ntse re leboha Modimo ka paballo le matla a hae.

“Ha ho bonolo ka nakong tse ding kaha le diaparo tsa boitshireletso di tsamaya di haella empa ba leka ka hohle-hohle ho ntse ho le jwalo.

“Re ya tseba ka nako tse ding ho ba le ditletlebo tse bang teng ka maemo a sepetlele sa rona le kamoo bakudi ba tshwarwang ka teng, empa ho hlokeha re ke re shebe le ho utlwisisa maemo ao ba shebanang le wona. Ha re ba tshehetseng mme re ba kgothalletseng ho etsa mesebetsi e metle,” ho rialo Mashiloane.

O ekeleditse ka hore ke tabatabelo ya hae hore molaetsa wa hae a ka o fetisetsa le ho ba bang ba basebetsi ba mesebetsi e hlokolotsi le ya dikoduwa jwaleka sepolesa, balaola-sephethephethe, le ba bang jwalo-jwalo.

“Re se re etsa boipiletso ho setjhaba ho tshehetsa basebetsi bana ba mesebetsi e hlokolotsi nakong ena eo ba ntseng ba lwantshana le sewa sena sa Covid-19,” ho boletse Mashiloane.