Baahi ba kokobetswa matswalo ka kgaello ya mahe

Lefapha la tsa Temo, Thlabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya metse ya Mahae le kokobeditse matswalo a baahi ba Afrika Borwa ka le reng naha ena e ke ke ya e ba le kgaello ya mahe.

Lefapha lena le boletse hore ha ho lebaka la lepotlapotla thekong ya mahe kaha tlhahiso ya wona e maemong a tsitsitseng.

Lefapha le re le na le tumello dinaheng tse fapaneng  ya ho ka reka kantle mahe hammoho le dihlahiswa tsa nama. “Dihlahiswa tse tswang ka ntle ho naha tse kang mahe phofo, a metsi le mefuta e meng ke dilemo jwale di ntse di ken aka hara naha ho tswa dinaheng tse kantle, mme ha ho simolle jwale kamora ho qhoma ha lefu lena la Highly Pathogenic Avian Influenza (HPAI).

“Dinaha tse ngata tse kang Brazil, USA, Argentina le tse ding ke nako jwale di tlisa mahe Afrika Borwa, mme ha jwale re sebetsana le mangolo a tumello naheng tse mmalwa tsa kantle ho ka fepela naha en aka mahe.

“Re le Lefapha hare qobelle hore ken aha di feng tse ka etsang kgwebo e utlwahalang bakeng sa Afrika Borwa, empa re etsa bonnete ba hore ditekanyetso tsa tshireletso e ka bang kotsi di ya etswa ha dinaha tse batlang ho romella mahe naheng ena di etsa dikopo.

“Ho rona ha se bothata hore ke dinaha  di feng tse etsang kopo ya ho romella mahe naheng ena, ha fela re kgotsofetse hore ditekanyetso tsa tshireletso tse ka bang kotsi di latetswe” ho rialo Lefapha.

“ Re thabile hore ho qhoma ha lefu la HPI le ka tlasa taolo, mme le dipolasi tse ka etsang 70% tse neng di sa hlaselwa ke lefu lena di tswelapele ho hlahisa mahe le dikhoho. Jwalokaha tikoloho ya setlha sa thlahiso ya mahe se le sekgutswane re lebelletswe hore maemo a kgutlele madulong maqalong a selemo se tlang.

Bakeng sa ditukisetso tsa matsatsi a Keresemese ke dithlahiso tse latelang tse tswang ka ntle tse le teng: Mahe a dimilione tse robong, ditsuonyana tsa letsatsi le leng tsa ditone (tons) tse 37 802, dihlahiswa tsa mahe tsa ditone tse 62 le nama ya kgoho ya ditone tse 30 986.