Lesedi FM le etsa diphethoho mona le mane

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Ha ho diphethoho tse kalo lenaneng la dibohodi le mananeo a selemo sa 2024/2025 a Lesedi FM. Mokaubere Thuso Motaung le Tholwana Moletsane ba ntse ba le teng leha feela ba se ba tla ba le matsatsi a fokoditsweng mananeong a bona a hara beke.

Tse ding tsa diphethoho tse entsweng ke Lesedi FM ke tse amang mananeo a Itlhabolle le Jwale ke Nako. Dihobodi tsa ha jwale tse hasang Itlhabolle e leng Tholwana Moletsane le Mmanehileng Letuka di se di tla fella ka Labone. Ka Labohlano lenaneo lena le se le tla tsamaiswa ke Sibongile “Sbosh” Sonop eo Lesedi FM le tshepang hore o tla tlisa morolo le mafolofolo a lebisang mafelong a beke. Athe ho Jwale ke Nako, mokaubere Thuso Motaung le yena o tla qetella Labone e be Nkunyana Nkunyana o le nka ka Labohlano.

Lesedi FM le boletse ha Nkunyana a na le bokgoni ba ho tlisa mafolofolo le boteng ba moqoqo seyalemoyeng o kentseng boqabodu kahare. Hape o boletswe a na kgohedi ho bamamedi ba sa ntsaneng ba le batjha dilemong, ba mafolofolo le ba ratang dintho tse tsweng pele.

Ho Makgulong a Matala ka Sontaha ditaba di ntse di dutse di le jwalo. E tla nne e be Thuso Motaung le Moruti Maine.

Ho boela hape ho se phethoho e entsweng ho lenaneo la hoseng la Thakgoha Breakfast Show. Le ntse le tla tsamaiswa ke mekaubere Seipati “Twasa” Seoke le Nyakallo “Ba2Cada” Leine mme ka bona Lesedi FM le ikemiseditse ho ikgapela dikgau le ho hodisa bomamedi.

Le lenaneo la thapama la Re ya Thella ha ho diphetoho. Le ntse le tla kgannwa ke Moleboheng Maoela leThabo Mokone.

Ha e le Lerato “Lovers” Mpopo o kena dieteng tsa Thabo Mokone lenaneong la Moqebelo la mmino la Top 30.

Motsamaisi wa tsa Kgwebo wa nakwana wa Lesedi FM Mandla Mbusi o re: “Ha o tla tabeng tsa radio ho thwe ha ho letho le etsahalang ho fihlela sebohodi se re se etsahale. Ke ka moo lebotho lena la Lesedi FM le leng matla ka teng. Ke ba lakaletsa mahlohonolo ka ho kgethwa ha bona jwaleka dibohodi tsa lesedi selemong sa 2024/2025.

“Matla a Lesedi FM ha se feela wa ho kgona ho buwa le bamamedi ba dimilione empa re hasa ka tlhompho le ho motho boinotshing ba hae ho tsona dimilione tsena tsa bamamedi ba Lesedi FM mme re ya leboha ka ho tshepahala ho lebitso lena le tummeng hakana. Tlong re ahe mmoho mme re hodise la Lesedi FM hape “Ke Molellwa”.”

Lenane le felletseng ke lena:

LESEDI FM LINE UP 2024/2025:  MONDAY- FRIDAY

TIME CHANNELPROGRAMMEOAP
24h00-02h00Re Qhoba BosiuPitso Tsumane
02h00-05h00DikalanengVeli Moloi (Mon- Wed)Mzwakhe Khachela (Thurs-Fri)
05h00-06h00MakumaneCurrent Affairs
06h00-09h00Thakgoha Breakfast ShowSeipati “ Twasa” SeokeNyakallo “Ba2cada”LeineJohn Soke (producer)Lucky Qacha ( sport updates)
09h00-12h00ItlhabolleTholoana Moletsane (Mon – Thurs)Mannehileng Letuka ( Mon – Thurs)Sibongile Sonop ( Fri)Maletsatsi Sejake (producer)
12:00 – 12:30ImatlafatseCurrent Affairs
12h30-15h00Jwale ke NakoThuso Motaung (Mon – Thurs)Nkunyana Nkunyana (Fri)Thabang Morobane (Producer)
15h00-18h00Re A ThellaThabo  MokoneMoleboheng MaoelaKagiso Sebudi (Producer) (Lucky Qacha (Sport  updates)
18h00-19h00MatshohloCurrent Affairs 
19h00 – 20h00DipapadiSebili MolefeDikeledi Letsiri (Producer)
20h00–24h00Re Mmoho (Mon – Wed)Ntsoaki Motloung
Re Mmoho (Thurs & Fri )Dikeledi Mageseni

LINE-UP: SATURDAY

24h00-02h00Di A RoropaMzwakhe Khachela
02h00-06h00DikalanengMatshogo Mahloko
06h00-07h00MathumisaCurrent Affairs
07h00-09h00Thabang le NnaSibongile  Sonop
09h00-12h00Tse Ratwang( Top 30)Lerato Mpopo
12h00-15h00Ke Ya Le wenaNkunyana Nkunyana
15h00-18h00Dipapadi (Sports)Tsholo Leokaoke
18h00-21h00MerethethoMotseki Mabuya
21h00-24h00Party TimeDikeledi Mageseni

LINE-UP: SUNDAY

24h00-02h00Dia RoropaMzwakhe Kachela
02h00-06h00DikalanengMatshogo Mahloko
06h00-07h00MathumisaCurrent Affairs
07h00-09h00KgothalaSibongile  Sonop
09h00-12h00Makgulong  A MatalaThuso MotaungMoruti Lefu Maine
12h00-15h00Ke Ya le WenaNkunyana Nkunyana
15h00-18h00DipapadiTsholo Leokaoke
18h00 – 20h0020h00 – 22h00JazzDitswereLehlonolo TsoloMatshogo Mahloko
22h00-24h00ThorisoMotseki Mabuya