Keresemese pele ho Keresemese bakeng sa Maqheku le batho ba nang le boqhwala

Keresemese e tlile pele ho letsatsi la yona bakeng sa maqheku le batho ba nang le boqhwala lebatoweng la leshome le metso e supileng (Ward 17), Sasolburg.

Tsatsing la Sontaha e bile le tletseng thabo le monyaka bakeng sa bona ha ba ne ba fuwa diaparo le mephako ya dijo moketjaneng o neng o hlophiseditswe ho ba tlotla.

Mohlophisi wa moketjana ona wa selemo le selemo ke eo e leng Moselebetsi wa Ntshetsopele ya Setjhaba kahare ho Masepala wa Metsimaholo, Winnie Mayekiso. Morero le sepheo sa ona ke ho bontsha lerato, tlotla le tlhokomelo ho maqheku nakong ena ya matsatsi a Keresemese le mafelo a selemo.

Winnie Mayekiso o phana ka dimpho

E se e le sebakanyana jwale Mayekiso a ntse a hlophisa mokete ona ka bo yena le ho ya ka tabatabelo e pelong ya hae.

“Ena ke e nngwe ya mesebetsi eo ke e etsang ka bonna ho fana ka dithuso setjhabeng sa bo rona mme ha e amahane le mosebetsi wa ka jwaleka Mosebeletsi wa Ntshetsopele ya Setjhaba,” ho boletse Mayekiso.

E bile maqheku le batho ba nang le boqhwala ba ka hodimo ho 100 ba fumantshwang dimpho letsatsing leo.

“Hona le mesebetsi e meng ya dithuso eo ke e etsang le hara selemo mme yona e kenyeleditse kahare ho fana ka dieta ho dikgutsana le ho thusetsa ka peo bakeng sa ditshwangwana tse dijareteng. Le nakong ena ya mohato wa bohlano le wa bone ya ho dula mahae ka baka la Covid-19 re thuseditse ka diaparo tsa masea a sa tswa belehwa,” ho boletse Mayekiso.