Ho matlafala ha dikgwebo tse nyenyane ho tla tlisa mesebetsi

Naha ya Afrika Borwa e ntse e hula tlhako tsa morao tsebong ya tsamaiso ya dikgwebo tse simollang le kwetlisong ya batjha hore ba kene kgwebong papisong le dinaha tse jwaloka India, Brazil, Indonesia le Malaysia.

Afrika Borwa e boemong ba 57 palong ya dinaha tse 140 ha ho tla ditabeng tsa tsebo ho simolleng dikgwebo tse nyenyane, tsa marangrang, tabeng tsa khiro le phumantso ya tjhelete ya ho thusetsa nakong ya mathata.

Sena se boletswe ke Letona la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, Stella Ndabeni-Abrahams, moketjaneng wa dijo tsa hoseng o neng o hlophisitswe ke Progressive Business Forum sebakeng Nasrec, Johannesburg, kgweding e shweleng.

Ho lokisa taba ena Ndabeni-Abrahams o boletse hore Lefapha la habo le eketsa matla lenaneong la tataiso ya dikgwebo tse qalang leo ka lona ba ka fihlelang le ho dibaka tse mahaeng le tse hole le ditoropo tse kgolo.

Letona le kopile ho etsa setswalle le Progressive Business Forum ho thusetseng dikgwebong tse nyenyane.

“Re se re tshwere dikopano tse ngata dibakeng tse fapaneng tsa naha mme seo re se fumaneng ke hore Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane hammoho le SEDA le SEFA ha le kgone ho arabela ka botlalo ditlhokong tsa kgwebo tse nyenyane kapa ho thata hore batho ba le fihlelle. Ke kahoo re batlang ho bula dibaka tse ngatanyana tsa tshebetso dibakeng tsa makeisheneng le mahaeng moo batho b aka fihlelang Lefapha hammoho le SEDA le SEFA,” ho rialo Letona.

Ndabeni-Abrahams o boletse hore ba tshwanetse ho etsa bonnete ba  hore kgwebo tsa batho ba batsho di una molemo dithusong tsa tjhelete e kana ka R200 billion ya ho tlisa dihlahiswa mebarakeng ya selehae.

Letona le hlalositse hape hore katleho ya Afrika Borwa e itshetlehile kgodisong ya dikgwebo tse nyenyane. A re ho ya ka lenaneo la ntshetsopele ya setjhaba dipersente tse 90 tsa mesebetsi e dimilione tse 13 e tlamehang hore e be e thehilwe ka selemo 2030 e tla tlameha ho thehwa ke dikgwebo tse nyenyane.