E lekane kapa ha e ya lekana?….R350 e kgutlile

O ka nahana hore R350 ke tjhelete e nyenyane le hore ha e ya lekana ho fihlela o bala buka ya Kabelo Ncholo e reng “How I made my dream life with only R350” eo ha e fetolelwa puong ya Sesotho e reng: Kamoo ke ileng ka fihlela bophelo ba ditoro tsa ka R350.

Tjhelete ya Ncholo e ne e se ena ya dithuso e tswang mmusong empa e ne e le tjhelete ya teboho (tip) eo a ileng a e fuwa ke baeti ba neng ba tlile dijong sebakeng sa dijo (restaurant) moo a neng a sebetsa teng.

R350 eo ke yona e ileng ya tsosa tlhase ya kgwebo ho Ncholo hoo ha hang kamora hoba a e fuwe a ileng a nka qeto ya ho itokolla mosebetsing oo wa hae wa ho ba mosebeletsi tafoleng ya baeti (waiter).

Bukeng ena ya hae Ncholo o hlalosa leeto la hae le tshotleho ya hae ho ya katlehong ya kgwebo ya hae. Ka nako eo a neng a qala kgwebo ya hae, Ncholo o ne a le dilemo tse 19.

Motjha ya dilemo tse 19 o iqalla kgwebo ka R350. Wena o ka etsang ka yona? E kgutlile R350.

Tsatsing la Sontaha, 25 Phupu 2021, Mopresidente Cyril Ramaphosa o tsebisitse ha mmuso o kgutlisetsa thuso ya tjhelete ya R350 bakeng sa MaAfrika Borwa a kojwana di mahetleng.

Thuso ena e tla fella mafelong a Hlakubele selemong se tlang mme e se e kenyeleditse kahare ho thusetsa ho bahlokomedi ba bana ba ntseng ba amohela dithuso tsa bana tsa ditjhelete.

Mopresidente o boletse hore sena se tla leka ho thiba lephako nakong eo naha e ntseng e hula ka thata ka baka la ditlamorao tsa sewa sa Covid-19.

“Dintlha tsohle tse malebana le thuso ena ya tjhelete le mokgwa wa ho etsa kopo di tla phatlalatswa haufinyana.  Sena se tla thusa ho matlafatsa dithekolohelo tsa setjhaba le thuso tse e leng tsona katleho e kgolo ya demokrasi,” Ramaphosa o boletse jwalo ha a etsa phatlalatso.