Hara batho le mekgatlo ka ho fapana ba nkileng seabo ho hopola le ho keteka Letsatsi la tswalo ya Mopresidente wa mehleng wa naha ena ya Afrika Borwa e leng Dr
Nelson’Mandala, ke kereke ka ho fapana.
Sasolburg – Ka tsatsi la Mantaha mokgatlo wa bosebeletsi wa batjha ha mmoho le Moruti
VA Magwa e leng Motlatsa-Modula setulo kerekeng ya City of Love and Restoration, e
Zamdela Sasolburg ba etetse sepetlele sa Fezi Ngubentombi District Hospital ho ntshetsa
lenaneo la bona la batjha la tshebetso.
![](https://puisano-ditaba.co.za/wp-content/uploads/2022/07/IMG-20220719-WA0010.jpg)
Batjha bana ba kereke ena ba sebetsitse mmoho le CPW le basebetsi ba Setjhaba ba Fezile
Dabi District Municipality, e le ho nka karolo ho ketekeng ha tsatsi lena la Mandela Day.
Ketsahalo tsa letsatsi di kenyeleditse kahare ho etela le ho kgothatsa bakudi, ho hlwekisa
mabala a sepetlele seo.
Bloemfontein – Kereke ya Apostolic Faith Mission, Batho Assembly, ka tlasa tsamaiso ya Moruti Matefu le Mme Ntsoaki Mokoena, ka moqebelo wa la 16 Phupu e ile ya etela lehae la bana mane Lebone
Village, moo teng ba ileng ba nehelana ka diaparo, dikobo, dijo le di sanitary towels ho bana
moo.
![](https://puisano-ditaba.co.za/wp-content/uploads/2022/07/IMG-20220719-WA0011.jpg)
Moruti wa kereke ena o boetse a nehelana ka lentswe la thero le molaetsa wa kgothatso ho
bana. Ho ba bolella hore Modimo wa ba rata,le ha e le hore ba bang ba moo ka
maikemisetso,ba bang e se ka maikemisetso,Modimo oa ba rata,le kereke jwalo feela.- Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano News