Bohloko ba ho timellwa ke Motswadi bo tswala Setaki sa ditshwantsho

Thabang Dlamini o ne a le katlase ho dilemo tse tsheletseng ha a timellwa ke Mme motswadi. 

Ho lokolla bohloko le kgalefo, Thabang o ile a balehela betaking ba ditshwantsho. “Botaki ba ditshwantsho e ne e se ntho eo ke e ratang ho tloha bonyaneng ba ka, ekasitana le ho nahana hore nka iphumana ke sebetsana le yona kamoso. E bile ketsahalo e bohloko ya ho arohanywa ke lefu le Mme wa ka e ileng ya etsa hore ke iphumane ke le motaki kajeno,” ho boletse Dlamini, ya tsejwang ka la (Thabang Dlamini sir za) mosebetsing wa hae wa ho taka.

Thabang Dlamini

“E ne e re ha ke hopotse Mme e be ke qalella ka ho taka, le ha ke ne ke sa tsebe le hantle seo ke neng ke se taka empa ke ile ka fumana hore nako le nako ha ntse ke etsa jwalo maikutlo a bohloko bo kahare ho nna le kgalefo ya ho hloka mme di ne di thobeha,” ho rialo Thabang Dlamini.

Ho ba a tlohe motseng wa Petsana Reitz, Thabang o lebile motseng wa Zamdela Sasolburg ho ya ntshetsa dithuto tsa hae tsa boemo bo tlase(primary) le tsa boemong bo hodimo(secondary) pele. Ke moo a ileng a kopana le baithuti le batho ba bang ba ratang tako ya ditswantsho haholo. Seo se ile sa boela sa tsoselletsa tlhase le lerato kahare ho yena ba botaki mme a ikemisetsa haholo mosebetsing oo.

“Re ile ra kenela ditlhodisano tse fapaneng ho tsa botaki tse kenyeleditseng Sasol Technox, mme ke moo ke elelletsweng ka botlalo kamora tshebetse e ntle moo le ho fumana dikgothatso ka mosebetsi wa ka hore botaki bona e ne e hlile e le mpho e patehileng kahare honna”.

Ho ba a phethele sehlopha sa leshome, Thabang o ile Vaal University of Technology ho ntshetsa thuto tsa hae pele, mme o ile a thaba haholo ha a utlwa hore univesiti eo e na le dithuto tsa botaki ho yona.

Kamora ho sebetsa ka makgethe dilemong tse pedi tsa pele Thabang Dlamini o ile a phethela dithuto tsa hae tsa botaki semmuso univesiting eo ka 2021. Jwaloka ka motaki ya phethahetseng jwale Thabang o sebeletsa sebakeng sa hae Johannesburg Gauteng, moo a etsang botaki ba hae teng, o boetse o sebetsa mmoho le Fourway Gallery ho bapatsa, le ho rekisa ditswantsho tsa hae tsa botaki.

“Ho boima haholo lefapheng lena la tsa botaki, haholoholo ha o le motaki ya motjha ya sa tsejweng hobane o tlameha ho sebetsa ka thata le ka mamello e kgolo ho ikahela lebitso, o tlameha ho tseba hantle seo o se etsang le ho ba le boitsebo boo e leng ba ha obo sa tshwaneng le ba ditaki tse ding.

Ditaki ka ho fanana ha tsona di sebedisa mekgwa le tsela tse ngata tse fapaneng ho taka, nna ke sebedisa haholo tseo ke ithutileng le ho di bona kgolong ya ka botaking bona baka, le ho sebetsa mmoho kapa ho batla dikeletso ho ditaki tse ding tse jwaloka Ennock Mlangeni. Ho ya ka nna ke molaetsa o moholo oo nka e fetisang ho ditaki tsa ka moso hore di tsebo seo ba batlang ho se etsa ba fumane le tse tla ba kgothatsa tsatsi ka leng ho etsa mosebetsi wa bona wa botaki.

“Maikemisetso a ka ke ho ba le laeborari eo e leng yaka moo le nna ke tla fumana monyetla wa ho thusa ditaki tse ntjha le tse tlang di hola le ho ithuta hore le bona ba ntshetse mosebetsi ona wa botaki pele ka ho re bolella ka tsa maphelo le maeto a bona bophelong ba sebedisa botaki”- Ka Lekhotla Mokoena