Difahleho tsa bonkgetheng di se ke tsa qetellwa ka ho bonwa dipalong le maboteng

Nako ya peiso lebelong le lebileng dikgetho tsa makgotla a metse e fihlile. Lebelong lena ke mekga ya dipolotiki ka bonkgetheng ba yona le bonkgetheng ba ikemetseng. Ho se ho se hokae diplakata tse nang le difahleho le mabitso a bonkgetheng di tla be di leketla dipalong tsa motlakase tse ding di tla be di manehilwe maboteng a meaho ka ho fapana.

Tse ding tsa difahleho e tla be e le tse tlwaelehileng ka baka la ho ipheta dilemong tse ding le tse ding tse hlano nakong ya dikgetho tsa makgotla a metse. Tse ding e tla be e le tse ntjha tsa bonkgetheng ba itekelang dikgetho kgetlo la pele.

Ho sa kgathalatsehe hore ke tse iphetang kapa ke tse ntjha, empa ho bonkgetheng ba tla tswella ha e se ke ya e ba kgetlo la ho qetela leo setjhaba se ba bonang ka lona. Ba bang ba nnile ba kgethwa ke setjhaba empa kamora dikgetho e be ba nyamalletse. Kamora hoba ba kene dikantorong tse majabajaba tsa Bommasepala e be setjhaba ha se sa ba tseba. Ba bang kamora hoba ba fuwe ditulo tse maemo a hodimo tse jwalo ka Majoro, Motsamaisi wa Dipuisano, Sephadi Se Seholo kapa setho sa komiti ya majoro kapa komiti ya phethahatso e be ba nyametse. Ba bang kamora hoba ba amohele moputso wa pele wa BoKhanselara ebe ba nyametse.

Ba bang setulo sa bokhanselara se tlatsa ka moya wa lenyatso, boikgohomoso, boikakaso le ho tella. Ebe ha sa bona setjhaba ka letho.

E mong o ile a kgethwa ka dikgetho tsa makgetlo a metse tsa 2016 empa le ho fihlela kajeno ha a so ka a e ba nako ya ho ikopanya le setjhaba se mo kgethileng.

Ke mahlabisa dihlong hore setjhaba se o kgethileng ha se a ka sa o tseba kapa sa utlwa lentswe la hao dilemong tseo tse hlano tseo o bileng Mokhanselara wa sona tsona.

Ha setjhaba se na le mathata a metsi ha ho moo Mokhanselara wa bona a hlahellang teng. Ha setjhaba se na le mathata a motlakase o kgaohang kgafetsa ha ho moo Mokhanselara wa bona a hlahella teng. Ha setjhaba se na le mathata a botlokotsebe ha ho moo Mokhanselara wa bona a hlahellang teng. Ha setjhaba se na le mathata a tsamaiso ya dikgwerekgwere ha ho moo Mokhanselara wa bona a hlahellang teng.  Ha ho moo setjhaba se utlwang lentswe la Mokhanselara wa sona teng. Athe o emetse mang, Ntate Mokhanselara kapa Mme Mokhanselara, ekasitana le wena Majoro?

Ha ward ena le mathata lentswe la pele le tlamehileng ho utlwahala ke la Mokhanselara. Hobaneng batho ba tlameha ho hloka lesedi le tsebo empa ba e na le Mokhanselara.

Dikgetho ke tseo. Setjhaba se tla le kgetha lona bonkgetheng. Empa setjhaba se se ke sa qetella ka ho bona mabitso le difahleho tsa lona diplakatang tse leketlang dipalong tsa motlakase le maboteng a fapaneng.