Covid-19 e nka maphelo a batho ba bahlano (5) Free State

Batho ba seng ba timetse Free State ka baka la bohloko ba Covid-19 e se e le ba bahlano(5) athe haele ba fumanweng ba e na le tshwaetso ba lekgolo le metso e mmedi (102).

Ho ya ka phatlalatso e entsweng ke Lefapha la Bophelo Free State, bafu kaofela ke batho ba banna mme ke baahi ba Bloemfontein kaofela bao dilemo tsa bona e leng  85, 55, 75, 77, le 69.

Mmueli wa Lefapha, Mondli Mvambi, o boletse hore monna wa dilemo tse 77 ebile wa pele eo ho entswng diteko tsa Covid-19 ho yena a se a timetse.

“Sena se etsahetseng ho mofu enwa wa dilemo tse 77 se qobelletse Lefapha ho etsa diteko ho ditopo kaofela ho netefatsa ha e lo hore ho na le ya timetseng ka baka la Covid-19 eo e sa kang ya hlokomelwa ho yena pele a timela.

“Hape ke ho etsa bonnete ba hore re kgona ho batlana le bohle ba ileng ba kopana le mofu ya ka beng a hlokahetse ka Covid-19 e tle e le hore le bona ba etsuwe diteko ho fokotsa dipelaelo tse ka bang teng. Sena ke ho matlafatsa letsholo la rona la ho etsa bonnete ba hore ha ho be le tshwaetsong tse atang tsa Covid-19,” ho rialo Mvambi.

Lefapha le re le kgothaditswe ke ho bona palo ya bakudi ba 74 ba hlaphohelwa ka botlalo hoo ba seng ba bile ba lokolotswe ho ya malapeng a bona leha ba ntse ba beilwe leihlo ke basebetsi ba bophelo bo botle ho bona hore ha ba iphumane ba e ba le tshwaetso hape.

Mvambi o boletse ha basebetsi ba tsa bophelo bo botle ba ntse ba beile leihlo batho ba 28 ba ntseng ba e na le tshwaetso ya Covid-19. Ba bahlano(5) ho bona ba ntse ba le bookelong Sepetleleng sa Pelonomi, athe ha e le ba 23 ba ipehile tlhokomelong e ikgethileng.

O ekeleditse ka hore kamora hoba Lefapha la Bophelo le lekole botjha diketsahalo tsa Covid-19 le fumane palo ya batho ba nang le tshwaetso ke 102, mme Mangaung e ntse e di hula pele ka palo ya 89 athe ha e le Lejweleputswa le Xhariep ke tshwaetso e le nngwe setereke ka seng.

Dipalo di eme tjena ho ya ka ditereke:

*Mangaung – 89

*Fezile Dabi – 3

*Lejweleputswa – 1

*Thabo Mofutsanyana- 8

* Xhariep – 1

Ho ya ka Mvambi batho ba 2 165 ba ileng ba kopana le bakudi ba Covid-19 ba se ba fumanwe mme ba entswe diteko.

Palo eo e eme tjena ho ya ka ditereke:

*Mangaung  ke palo ya 1 925 eo ho yona ba 1 912 ba seng ba fumane. Ho setse ba 13.

*Fezile Dabi ke 34

*Thabo Mofutsanyana ke 192

*Lejweleputswa ke 8

*Xhariep ke 1

Ho fihlela jwale ho se ho hlotswe batho ba 241 629 mme ba 1 460 ba entswe diteko. Diteko tsena di etswa haholo dibakeng tseo ho bonahalang hore e ka ba tsona tse ka bang le mathata mme ho na le sehlopha se thusang ho batlana le batho ba kopaneng le ba nang tshwaetso ka tshebediso ya mmapa wa marang-rang le ka thuso ya dicompany tsa mehala ya thekeng.

*Mangaung ke batho 54 304 mme ba 707 ba entse diketo.

*Fezile Dabi ke 76 271 mme ba 74 ba entse diteko.

*Lejweleputswa ke 20 144 mme ba 136 ba entse diteko.

*Thabo Mofutsanyana ke 68 338 mme ba 139 ba entse diteko.

*Xhariep ke 22 572 mme ba 129 ba entse diteko.

“Ena ke ntwa eo re ikemiseditseng ho e lwana le ho e hlola. Re thabiswa le ko ho bona ho kgothala le boinehelo ba basebetsi ba fapaneng ba tsa bophelo, dingaka, basebetsi ka kakaretso le mekgatlo eo re sebetsang le yona ditsheng tsa taolo ya tshebetso le ba kenang ntlo le ntlo ho ilo hlahloba batho,”ho boletse MEC ya Bophelo Free State, Montseng Tsiu (Setshwantsong se ka hodimo).