Bobe le Botle ba Coronavirus bakeng sa Dikereke

Hara mekgatlo e amehileng haholo ke bohloko ba Coronavirus e meng ke dikereke.

Taba ya pele eo dikereke di amehileng ka yona ke mokgwa le tlwaelo ya ho kopanela mmoho ha Bakreste ka Sontaha le matsatsi a mang a hara beke ho tla rapela, ho rorisa Modimo le ho abelana lentswe la Modimo.

Taba ya bobedi ke ho thefuleha ha matlole kapa ditjhelete kaha dikereke di eme ka menehelo le dikarolo tsa leshome tse ntshuwang ka di Sontaha nakong tsa ditshebeletso tsa dikereke. Dikgweding tse ding ho etsuwa ditshebeletso tsa nyollo ya mekotla le menehelo e ikgethileng. Ke ditho tse mmalwa feela tsa dikereke tse tlwaetseng ho kenya menehelo le karolo ya leshome di akhaontong tsa di bankeng tsa diphutheho tsa bona.

Leha ho le jwalo, ba bang ba baetepele ba dikereke ba boletse hore ha se tse mpe feela tse tlisitsweng ke bohloko bona empa ho na le dintle tseo dikereke di kgonneng ho ithuta tsona haholo ka tshebediso ya marang-rang ho rera Evangedi le ho buisana le maphutheho a bona.

Mongodi Kakaretso wa Council of African Independent Churches (CAIC), Bishop TS Ngcana, o boletse hore bohloko ba Coronavirus bo hlahile dikereke lesumatha ho se mang ya neng a lebeletse hore ho ka etsahala sena se etsahetseng mme ha ho moruti kapa kereke e bile le nako ya ho itlhopha hantle.

CAIC ke mokgatlo wa dikereke tse 351 o thehilweng ka 1982.

“Dikereke ha di a sitiseha feela mokgweng wa tsona wa ho kopanela-mmoho kamehla empa le nakong ya Paseka ebile tshitiso e kgolo. Ebile Paseka e bodutu eo re sa e tlwaelang. Empa ka lehlakoreng le leng, dikereke di kgonne ho tla le mekgwa e metjha ya ho tshwara ditshebeletso ka ho sebedisa social media, ekasitana le nakong ya Paseka.

“Leha e le mona tshitiso e bile teng empa sewa sena se re hopotsa mekgwa ya sekgalekgale moo dikereke di qadileng matlung. Baisraele ha ba ntse ba le Egepeta ba ile ba tshwarela Paseka malapeng a bona moo ba neng ba kgutsitse ba rapela” ho rialo Ngcana.

 Ngcana o boletse hore ha jwale maemo ana a renang ha a so ame ha bohloko maemo a ditjhelete tsa maphutheho a bona empa ha a ka nna a tswella ho ya pele a tla qala ho ba thefula.

Moruti Thabiso Mashiloane wa kereke ya City of Love and Restoration e motseng wa Zamdela, Sasolburg, o dumellana le se buwang ke Ngcana ka hore mathata a Coronavirus a na le bobe le botle kahare.

“Ditjheleteng teng re amehile ha bohloko empa leha ho le jwalo re ntse re e na le lehlohonolo leo la hore tse ding tsa ditho tsa rona tse tshepahalang di ntse di ntsha menehelo ka ho e kenya ka ho otloha akhaontong ya kereke mme re rata ho ba leboha ka diatla tsa bona tseo ba re buletseng tsona,” ho boletse Mashiloane. 

O boletse hore tshebediso ya marang-rang a social media e kgonne ho fa kereke ya hae monyetla wa ho fihlela batho ba ka hodimo ho dikete tse tharo (3 000) tshebeletso kang.

“Monyetla o mong ke wa hore batho ba ka kgona ho shebella dithero ka nako e nngwe le e nngwe fela e seng nakong ya tshebeletso fela,”ho rialo Mashiloane.