Tlhokomediso ka mephato e bolokehileng

Letsholo la tlhokomediso ya ho qala ha Mephato ya Lehlabula le tswetsepele le motseng wa Sasolburg e Masepaleng wa Metsimaholo.

Letsholo lena le etelletsweng pele ke Lefapha la tsa Tshebedisano ya Mebuso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena. Sehloho sa tlhokomediso ya letsholo lena ke hore “Ba ye phela, ba kgutle ba ntse ba phela.”

Letsholo lena le sebedisana hara ba bang le banka-karolo e leng:

• Makhotla a Setso

• Bomasepala

• Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa

• Mekhatlo e ikemetseng/li-NPO tse nkang karolo ho Thahaselleng Setso

• Dikomiti tsa Khokahanyo ea Qalo ea Libaka

• Mesuoe-hlooho ea Dikolo tsa Qalo

• Dingaka tsa setso

• Bahlokomeli ba Dikolo tsa Boithaopo le ba bang.