Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba Puisano News
Sepolesa sa Bohlokong Bethlehem, Botjhabela ba Foreistata se kopa setjhaba ho thusetsa ho batlana le tharollo ya banna ba babedi ba sa amaneng ba nyametseng diketsahalong tse fapaneng.
E mong o qetetswe a le tseleng e etelang motswadi wa hae, ha le e mong yena o qetetswe a rekisa dinku toropong ya Bethlehem.
Simangaliso Molemo Twala (22), ho tswa sebakeng sa bodulo sa Phahameng Bohlokong, o qetelletswe ho bonwa ka la 18 Lwetse 2025, a le tseleng ho etela Mme wa hae ya leng seterateng sa Mzizi motseng oo, empa ho tlalehwa a sa finyella moo.
Ho ya ka kgaitsedi ya hae, ha a ne a qetellwa ho bonwa o ne a apere borikgwe bo mmala wa khaki, jeresi e bofubedu bo Sootho, le dieta tsa boikwetliso tse putsoa tsa moetso wa Kappa.
Lethusang Thethana (36), eo e leng modisana, ho tswa Mokgotlong, Lesotho, o qetetswe ho bonwa la 09 Phato 2025, Bethlehem.

Tsatsing leo o ne a rekisa dinku haufi le seterata sa Lombard. Ho ya ka mohiri wa hae, o nyametse ya ba ha sa hlola a bonwa hape. Ba leloko la hae ba netefaditse hore ha a so kgutlele lapeng Lesotho.
Nakong ya ho nyamella ha hae Thethana o ne a apere borikgwe ba boikwetliso bo boputswa, katiba ya boya e mmala o motala le o motsho, kobo e mmala o sootho le botshehla, le dieta tsa di gumboots tse ntsho.
Motho ya ka bang le lesedi la moo batho bana ba ka fumanehang teng o kopuwa ho letsetsa
Bohlokong Detective Captain Motaung at 082 453 0794 kapal #CrimeStop on 08600 10111, bakeng sa tlaleho e ka sephiring ho #MySAPSApp.