Lephako le hlokisa basebeletsi ba Masepala wa Mafube botsitso

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

E se ekaba beke ya boraro lephako le uba basebeletsing ba Masepala wa Selehae wa Mafube o seterekeng sa Fezile Dabi. Lebaka ke hore ha ba so fumantshwe meputso ya bona ya kgwedi ena e fetileng ya Phupjane.

Ha basebeletsi ba ntse ba tsielehile jwalo, le maemo a phano ya ditshebeletso a ntse a tetebela hoo qetellong a tlang ho ema ntsi! Sena se boletswe ke mokga wa Democratic Alliance (DA) Mafube.

Mokga ona o boletse ha o ipileditse ho Letona la Tshebedisano ya Mebuso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena la Profensing ya Free State, Saki Mokoena ho kenella dipakeng phareleng ena le ho etsa bonnete ba hore toka e ya phethahalang bakeng sa basebetsi.

Ho ya ka mokgatlo ona pharela ena e kginne ntsi boholo ba ditshebeletso tsa setjhaba. “Hodima diteko tsa ho kenella dipakeng tsa Letona Mokoena le ketelo ya hae Masepaleng ona ka la 23 Phupjane, tefello tsa basebetsi tsa kgwedi eo ha di so lefuwe,” ho rialo mokga ona.

“Dintho di senyehile le ho feta kamora hore Motsamai wa nakwana ya ka Sehlohong Masepaleng ona Advocate Mothusi Lepheane a dihele marapo kamora ho tshepisa hore basebetsi ba tla lefshwa ka karolo ya mokotla wa dithuso tsa ditjhelete tse fuwang bo Masepala ke Mmuso wa Bohareng.

“Mokga wa rona o batla karabo e hlakileng le e potlakileng ho mmuso wa Profensi tabeng ena hore ditshebeletso tsa bohlokwa di tle di simolle Masepaleng ona o kenyeleditseng toropo tse kang Villiers, Cornelia, Tweeling hammoho le Frankfort”, ho rialo Suzette Steyn wa mokgatlo ona.