Masepala wa Metsimaholo o boletse ha o kokositse phafa ya dikotlo tse boima bakeng sa baahi ba hokelang motlakase le metsi ntle le tumello.
Bona ke boiteko ba Masepala ona ho thibela dikgokelo tsena tse kenyeleditseng ho henahena le dimitara le ho iphumantsa phephelo ka ho mokgwa ho kgelosa metjha ya phepelo ya motlakase kapa metsi.
Masepala o ekeditse ka hore diketso tsena di tlisa tahleho e kgolo lekenong la ditjhelete tsa masepala ebile hape di beha maphelo a bona baahi kotsing ya ho tjheswa ke motlakase, mello ya hlaha le tshilafatso ya metsi.
Ba tla fumanwa ba le molato kgetlo la pele ba tla tobana le tefo ya R 33 410.00. Athe ha ba ntse ba tswela pele ba tla nkelwa dikgato tsa molato.
Masepala o boletse ha o tla kena ntlo le ntlo kgafetsa ho hlahloba maemo.