Tshebetso ya Thapelo bakeng sa barutwana ba Grade 12

Nako ya dihlahlobo tsa makgaola-kgang e fihlile. Tang-tang e se e tla kgangwa ke lerole ho barutwana ba Grade 12. Ke nako eo barutwana bana ba hlokang tshehetso kahohle-hohle.

Ke kahoo Mmuso wa Foreistata tlasa ketapele ya Moprimiri Sisi Ntombela o ile wa tshwara tshebeletso ya thapelo bakeng sa baithuti ba Grade ka Sontaha sekolong sa Kgolathuto Senior Secondary se leng Phuthaditjhaba,Masepaleng wa Maluti a Phofung.

Ntombela o ne a tsamaya hammoho le Letona la naha la Thuto ya Motheo Angie Motshekga, le Letona la Thuto Foreisitata Tate Makgoe.

Puong ya hae le baithuti ba neng ba kgobokane moo Letona Motshekga o thoholeditse profensi ya Foreisitata ka mosebetsi o motle thutong ya bana. O boletse ha profensi ya Foreisitata e tswelapele ho phahamisa boemo ba thuto kahara naha ka sephetho se setle dihlahlobong tsa bona. “Ha ho na se bohlokwa naheng ho feta bana ba rona. Foreisitata e tsetetse haholo thutong ya batjha, naha ena e tobane le phepetso ya bofuma mme ho tsetela thutong ya batjha ke enngwe ya mekgwa ya ho netefaletsa bokamosong bo tjhabileng. Thuto ke sentlolo sa ho lwantshana le phepetso tse tharo  e leng ho hloka teketekano, bofuma le tlhokeho ya mosebetsi” ho rialo Motshekga.

Ntombela yena o hlalositse ha molaetsa wa profensi ya habo e le o hlakileng, e mong le e mong o tlameha ho etsa se molelo ka ho fetisisa dihlahlobong tsena tsa Monokgwaha. “Le ha re amohela kgatello e tlang le dihlahlobo tsena tsa makgaolakgang, tshepo ya rona ke ho re baithuti ba rona ba se ke ba fellwa ke tshepo mme ba bontshe seo ba ithutileng sona mahareng a selemo.

“Barutwana bana ba selemo sena sa 2022 ba tobane le phepetso e kgolo ya ho se theole maemo a behilweng ke bo mphato ba bona selemong se fetileng a boemo ba pele, mme ka tlasa tataiso ya Letona la Thuto Tate Makgoe re tla fihlella seo” ho hlalositse Ntombela.