Botlokotsebe bo hlobaetsa setjhaba

Mmuso wa Foreistata o kgathatsehile haholo ke sekgahla seo tshebediso ya dithetefatsi e nyolohang ka sona, maqulwana a botlokotsebe a ntseng a ata le tahi batjheng. Hodima tsena le botlokotsebe ba utswetsa baahi le ho thuba matlong a bona.  Diketsahalo tsena di bonahetse di ja setsi ditoropong tsa Phiritona (Heilbron), Namahadi (Frankfort), Qalabotjha (Villiers) le Thembalihle (Vrede).

Baahi ba ditoropo tsena ba se ba bile ba inkella molao matsohong  ho lwantshana le ketso tsa botlokotsebe.

Maemo ana a ditaba a bile a susumetsa Moprimiri wa Foreistata, Sisi Ntombela, hammoho le Letona  la Sepolesa, Ditsela le dipalangwang  William Bulwane, ho etela motse wa Namahadi, Frankfort le Thembalihle, Vrede ho buisana le baetapele ba motse hammoho le baahi.

Leeto le qadile Namahadi, Frankfort moo baahi ba ileng ba inkela molao matsohong ka ho otla le bo bolaya ka sehloho batho ba babedi ba belaellwang ka ho hweba ka dithetefatsi.

Ho la Namahadi, Frankfort, moifo ona wa Tonakgolo le letona o kopane le Majoro wa Mafube Cllr Tloare Motshoeneng le Makhanselara, Sepolesa sa lehae hammoho le baahi.

Letona Bulwane o tobokeditse hore pharela ena e ama bohle mme ka hona ba nka karolo ba tleemeha ho sebetsa mmoho le Sepolesa le baahi. Tonakgolo Ntombela le yena o kgalemetse ka bohale le ho toboketsa hore botlokotse, tahi le tshebediso e mpe ya dithethefatsi ha se bothata ba Namahadi fela, empa bo akaretsa le profensi ena ya Foreisitata.

Majoro Kobeni le Letona Bulwane ba buisana le baahi ba Thembalihle, Vrede

Kamorao ho moo Bulwane o lebile motseng wa Thembalihle Vrede moo le teng mathata ana a jeleng setsi haholo. Letona le kopile baaahi ho ba leihlo le ditsebe tsa Sepolesa ka ho se tsebisa tse etsahalang hara motse le ho sebetsa mmoho. Letona le kopane le Majoro wa Masepaleng wa Phumelela Mbuyiseni Kobeni, Makhanselara le Morena Tsotsetsi hammoho le moifo wa Sepolesa o neng o etelletswepele Mokhomishinara Brigadier Ramolla ho tswa Seterekeng sa Thabo Mofutsanyana, hammoho le ba nka karolo ba bang.