POLAO E MASISAPELO YA MME LE BARA MOTSENG WA ZAMDELA, SASOLBURG

Ha tsatsi la Sontaha sena se fetileng sa 17 Motsheanong 2020 le tjhaba ebile letsatsi le leng hape leo malapa a mangata kahare ho Afrika Borwa a lebohang le ho tsota bophelo ho tswa ho Mmopi, empa ha ho a ka ha e ba jwalo ho le leng la malapa kahare ho motse wa Zamdela, Sasolburg.

Ebile Sontaha se masisapelo le mahlonoko kamora polao ya Mme ya dilemo tse 37 hammoho le bara ba hae ba babedi ba dilemo tse pedi le tse robong lapeng leo. Sena se etsahetse Extension 3, Zamdela.

Polao ena e sehloho ya motho wa Mme e etsahala beke feela kamora ho ketekwa ha Sontaha sa Bomme e leng “Mother’s Day”, se bileng ka di 10 Motsheanong 2020. Hape e etsahala nakong eo naha yohle e emeng ka maoto ho lwantshana le ditlhekefetso tsa basadi le bana.

Ho ya ka Sepolesa ho bonahala ha ketso ena e sehloho e etsahetse pakeng tsa hore ya leshome bosiung ba Moqebelo le hora ya bohlano hoseng ha Sontaha.

Mmuelli wa Sepolesa, Brigadier Motantsi Makhele o boletse hore Sepolesa se ile sa biletswa ntlung ya lelapa leo la Extension 3 nakong tsa hoseng ka Sontaha mme ho fihleng ha sona se fumana setopo sa Mme eo le bara ba hae ba babedi ka phaphosi ya marobalo. Ho bonahala ha bafu ba ile ba hlajwa ka sebetsa se bohale.

“Sepolesa se ile sa fumana moshemane ya dilemo tse 16 a le teng ntlung eo empa yena o ne a sa ntshuwa dikotsi. Haele monna wa Mme eo yena ho fumanwe a le siyo mme sepolesa se ntse se tsomana le mehlala ya hae,” ho boletse Makhele.

O re Sepolesa se thakgotse diphuputso mme ho kopuwa mang kapa mang ya ka bang lesedi a ikopanye le Sepolesa sa Zamdela kapa a letsetse Crime Stop nomorong ya 08600 10111, hape a ka romella lesedi leo ka marangrang a MySAPS App.