Paseka e re hopotsa ho tshwarela le rona, ho ngotse Pastor Matefu Mokoena

Jwalekaha re ile ra tshwarelwa le rona mohla Modimo o neng o theha Paseka ka ho shwa ha Morena Jesu Kreste sefapanong, le Paseka ya selemo sena e ntse e le sehopotso sa hore le rona re tshwarele ba re sitetsweng le ba re sitelwang.

Mongodi ke Pastor Matefu Mokoena

Ho tshwarela ho boima haholo ho motho ya sitetsweng, ya entsweng hampe. Empa le ha ho le jwalo tshwarela. Ithute ho tshwarela hore o fole moyeng le nameng. Ho tshwarela ho boima hoba ke tshwarela jwang ke lemaditswe moyeng, maikutlong ekasitana le nameng?

Ke tshwarela jwang ke tebetswe mosebetsing ka baka la motho enwa, e mong e bileng e le motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo? Ke tshwarela jwang ha seriti le lebitso la ka le sentswe? Ke tshwarela jwang ke lahlehetswe ke tsohle ka baka la motho enwa kapa batho bana? Ke tshwarela jwang dikamano tsa ka le metswalle le ba leloko di fedisitswe ke mashano a motho enwa?

Ke tshwarela jwang lenyalo la ka le le mathuleng a ho putlama kapa le thubehile ka baka la monna kapa mosadi enwa?

Le ho Morena Jesu Kreste ho ne ho le boima jwalo feela empa a re “Ntate o ba tshwarele hobane ha ba tsebe seo ba se etsang,” ho Luka 23: 33 – 37. Hara dipuo tse mpe, bohlokong ba maqeba, hara ditlhapa le dithohako, bohlokong ba meutlwa le bohlokong ba dibetsa tse kotsi tseo a neng a otlwa ka tsona, ho ne ho se bonolo hore a ka tshwarela empa a tshwarela. A ba a tshwarela e mong le e mong e leng moetsadibe ka nako eo ho fihlela le kajeno o ntse a tshwarela baetsadibe.

Hantlentle tshwarelo e simollotswe ke Modimo ya sa kang a re balla dibe. Sena re se fumana ho Pesalema 103: 8 – 14.

Ho se tshwarela ho amoha motho thabo le boiketlo. O qetella o kula ka baka la ho hloka tshwarelo. O iphumana o qeta nako e ngata o nahana kamoo o ileng wa utlwiswa bohloko kateng. O qeta nako e ngata o nahana ka batho ba o lemaditseng. Jwale, tshwarela o itokolle mme o fole.

Ho se tshwarele ho tswala bohlomohi, masisapelo, lehloyo, kgalefo le maikutlo a boiphethetso. Ho se tshwarele hape ho ema tseleng ya merapelo. Luka 11: 25 – 26 e re: “Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona. Hobane ekare ha le sa tshwarele ba bang, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.”

Ithute ho tshwarela ho sa kgathetse hore o tshwarela hakae jwaleka Mattheu 18: 21 – 22 e re ruta ho tshwarela makgetlo a mashome a supileng a balwang hasupa.