Moya ho rena wa thuto pulong ya dikolo

Ebile se mphete ke o fete tsatsing la pele le bekeng ya pele ya pulo ya dikolo. Hara tse ding tsa
diketsahalo tsa yona beke ena le letsatsing la pele la pulo ya dikolong bakeng sa monongwaha
ebile ketelo ya dikolo tsa Qwaqwa ke Tonakgolo ya Free State, Mxolisi Dukwana.

Tsatsing la Laboraro ebile se mphete ke o fete ha batswadi, mesuwe le bana, ba tswa ka
makgalo ho fapana tsela e le e lebisang dikolong ka ho fapana. Baneng ba bang e ne e le tsatsi
la bona la pele sekolo, mme ho ba bang maikutlo a ne a hlile a farasa. Athe ho ba seng ba
tlwaetse e ne e le bothebelele fela.

Haele Tonakgolo ya Profensi ya Foreistata Mxolisi Dukwana le yena o tswile le tse tswang ho
leba motseng wa Qwaqwa moo a etetseng dikolo tse pedi e leng sa, Lerato Primary School le
sa ZR Mahabane Intermediate School tse leng Masepaleng wa Maluti-a-Phofung.

Tonakgolo Dukwana o letsholong la ho tshehetsa le ho lakaletsa baithuti katleho le
mahlohonolo selemong se setjha sa dithuto. Ketelo ena ya Dukwana e tla letsatsi pele ho
phatlalatso ya dipheto tsa baithuti ba sehlopha sa leshome ba 2023.

Profensi ena ya Foreistata e lebelletse ka mahlo a ma kgubedu diphetho tsena ka ha e maikemisetsong a ho boela e eba bo mampodi hape Dukwana o ne a tsheheditswe ke Mme Masechaba Lakaje ho tswa Masepaleng wa Lehae hammoho le hlooho ya Al-Imdaad Foundation Mr. Abed Karrim.

“Re lakatsa ho leboha bohle ba nkileng karolo ho fetola maphelo a bana bana. Re a tseba hore
boholo ba rona re tswa malapeng a kojwana di mahetleng mme ke ka hona ho le bohlokwa hore
re kopanyeng matsoho ho thusa ba hlokang” ho rialo Dukwana.

Mr. Karrim o hlalositse ha mokgatlo wa bona o tla thusa sekolo sa Lerato ka ditanka tse tharo
tse kgolo tsa metsi, mme sekolo sa ZR Mahabane ba tla se thusa ka tshimo ya meroho