Batswadi ba kgina dithuto ntsi……….

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano News

Kgoho e matha ka lerapo thabeng Sekolong sa Katleho-Mpumelelo se sebakeng sa Amelia motseng wa Zamdela, Sasolburg.

Batswadi ba lomahantse meno hore ha ho mohla dithuto di tlang ho tswela pele ho fihlela moaho wa diphaposi sekolo seo o phethetswe o bile o le maemong a hantle, a bolokehileng. Bona ke batswadi ba barutwana ba mophato wa borobedi (8) le borobong (9).

Dithuto di eme kgekgenene ho tloha tsatsing la pele la tshimoloho ya sehla sa dithuto sa 2024.

Maemo a meaho ya sekolo a ngongorehisetse batswadi ba otlileng ka leoto fatshe hore ha ba batle ho beha maphelo a bana ba bona tlokotsing.

Ba bang ba batswadi ba sa lakatsang ho nehelana ka mabitso a bona ba hlalositse hore ha ho na polokeho bakeng sa bana ba bona ho hang, le hore tsela eo dithuto tsa bana di tsamaiswang ka teng ha jwale hae ba kgotsofatse, mme ka hoo ba ka se behe maphelo a bana ba bona kotsing.

Dikopano di se di thakgohile kamora motswebere ona wa batswadi mahareng a bohle ba nkang karolo ho tswa Lefapheng la Thuto la setereke sa Fezile Dabi, kemedi ya batswadi le ba bang ba amehang ho le leka ho tla le tharollo ka potlako phareleng ena. Tebello ke hore bana ba fumanelwe sebaka se seng sa nakwana moo ba tla ntshetsa dithuto tsa bona pele nakong eo moaho wa diphaposi tsa bona o ntseng o phethelwa.