Malindi ke Majoro hape

Ha ho ya nka nako e kae Majoro wa Metsimaholo Jeff Zwane a kgutliseditswe setulong sa bomajoro ba Metsimaholo ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Free State. O se a otlile ka sanketse hape. Se maratswana se kotsometswe ke Molekgotla Jack Malindi wa African Independent Congress hape.

Sena se etsahetse tsatsing ka Labohlano ka mora tshisinyo ya ho hloka tshepo ho Majoro e ileng ya hlahlelwa ke mokga wa Economic Freedom Fighters.

Lena e ne e lekgetlo la bobedi nakong e ka tlase ho kgwedi tse tharo tseko ya e tswa re kene e kgutlela lepatlelong la lekgotla la motse la Metsimaholo.

E ne e le kgweding ya Phato ha African National Congress e fata makwatsi ho simolla tseko mme Zwane a ntshwa. Setulo sa fuwa Malindi.

Matsatsinyana kamora moo Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Free State la qhala tlhentlhenyane la kgutlisetsa Zwane.

Tsatsing la Labohlano e bile balekgotla ba 22 ba tsheheditseng tshisinyo ya hloka tshepo ho Zwane kgahlano le ba 12 ba neng ba hanyetsa. E bile dipampiri tsa ho kgetha tse robedi tse sentsweng.

Athe haele kgethong ya majoro, Malindi o fumane voutu tse 28. Zwane a fumana tse 11. Balekgotla ba 3 ha ba ka ba kgetha.