Sehloho sa polao ya Magistrata se amme Matona a Profensi ya Free State

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Ho timella diatleng tsa motho eo o mo ratang le eo o tadimang ho yena bakeng sa polokeho ya hao ke sehloho le bohloko bo ke keng ba lekanngwa.

Ana ke mantswe a Matona a Kabinete ya Profensi ya Free State nakong ya ketelo ya bona lelapeng la Magistrata wa Lebatowa wa Heilbron, Mamello Thamae.

Matona a fetisitse molaetsa wa Mmuso wa Profensi ya Free State  wa matshediso le kutlwelo lelapeng la la habo mofu Thamae ya ileng a bolawa bekeng tse pedi tsa ho feta mme setopo sa hae sa fumanwa Lesotho.

Magistrata Mamello Thamae

Matona a Kabinete ya Profensi ya Free State a etetse lelapeng la habo mofu le Bloemanda, Bloemfontein, tsatsing la maobane ho fetisa matshidiso le ho tshehetsa lelapa lebitsong la mmuso wa Free State.

Letona la Bophelo bo botle, Mathabo Leeto e bile moemedi wa Tonakgolo ya Profensi nakong eo ya ketelo. O tshwetse ka mathe diketso tse hlaha le tsa bowatla tsa dikgoka tsa bong le dipolao. A lomahantsha meno ka le reng ha ho motho le ya le mong ya tlamehang ho timella diatleng tsa eo a mo ratang le ho mo tshepa bakeng sa tlhokomelo le tshireletso ya hae.

“Jwaleka mmuso re netefatsa tshehetso ya rona ho lelapa mme re ya dumela hore toka e tla phethahatswa. Mofu o timetse ka sehloho haholo jwang diatleng tseo a neng a tlamehile ho mo sireletsa. Re fetisa matshediso a rona a sebele ho lelapa la Thamae,” ho boletse Letona.

Setopo sa Thamae eo e neng e le Magistrata wa Lebatowa Heilbron, se fumanwe kahara butu ya koloi ntlung ya baeti Lesotho.

Thamae o ne a tlalehilwe sepoleng a nyametse hammoho le molekane wa hae, Lehlohonolo Maketoane, eo ya ileng a llelwa ke ditshepe ka diqoso tsa polao.

Magistrata Mamello Thamae o tla bolokwa ka moqebelo ona wa hosane, 7 Mphalane 2023, setsheng sa bafu sa Bainsvlei, Bloemfontein.