Japan e nesetsa Zambia ka sefako sa dintlha

Ebile kamohelo e soto ho sehlopha sa Basadi sa Papadi ya Bolo ya Maoto sa Zambia kgetlong la sona la pele la ho nka karolo papading ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Maoto ya Basadi ha se ne se nelwa ke sefako sa dintlha tse hlano ho lefeela (5 – 0) ho tswa ho Sehlopha sa Japan.

Polelo e reng tsietsi e latela tshotleho e fetohile nnete sehlopheng sa Zambia kamora hoba sethibathibane sa bona se bapatseng ka bokgabane Catherine Musonda a fumane karete e kgubedu metsotsong ya ho qetella ya papadi. Karete ena e tlile kamora hore a fumantswe karete e tshehla ya bobedi.

Musonda o ile a lahla fatshe sebapadi sa Japan mme a ba a baka le penele kgahlano le Zambia.

Papadi ebile lebaleng la dipapadi la FMG Stadium Waikato se Hamilton, New Zealand. E ne e le papadi ya Dihlopha tse Lenaneng la C la Dihlopha (Group C) tsa Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Basadi wa 2023 o tshwaretsweng Australia le New Zealand.

Sehlopha sa Japan se ne se iketsetsa boithatelo ka sa Zambia hoo dintlha di ne di ka feta ho tse hlano hoja ha se ka papadi e ntle ya Musonda ya ileng a lwana ya kgumamela mahareng a dipalo le ka ho hanwela ha dintlha tse pedi tsa Japan kamora hoba VAR e bontshe hore e bile di offside. Zambia e ile ya boela ya namolelwa ke palo metsotsong e leshome ya pele nakong eo Japan e neng e hlasela.

Sefako sa dintlha se qadile ho na motsotsong wa bo 43 wa papadi nakong eo Hinata Miyazawa a neng a feta ha bonolo feela mahareng a dipapadi tsa morao tsa Zambdia mme a beha bolo ka thokwana feela ho Musonda yaba le llile.

Dintlha tse nne tsa Japan di kene karolong ya bobedi ya papadi. E nngwe ya tsona e bile yona ya penele e bakilweng ke Musonda.

Sehlopha sa Zambia se qadile ho bontsha mahlahahlaha motsotsong wa bo 83 wa papadi hoo se ileng sa ba sa fumana huku ya sona ya pele papading. Leha ho jwalo ho padile jwaleka polelo ya Sesotho e reng kwekwe ya morao e hloha le sepolo.

Hosane mahlo a tle be a le hodima Sehlopha sa Afrika Borwa e leng Banyana Banyana ha se tla be se quthisana lehlokwa le Sweden hosane hoseng ka Sontaha.