ANC e boya sekwele Mangaung

Re a Leboha. Ana ke mantswe a mokga wa African National Congress (ANC) Profenseng ya Free State kamora ho boela e nka taolo ya di-ward tse nne tse Masepaleng o moholo wa Mangaung.

ANC e hapile Ward 7, Ward 29, Ward 49 le Ward 50 dikgethong tsa tlatsetso tsa bommasepala tse bileng bekeng ena ka Laboraro.

Dikgetho tsena di ile tsa phatlalatswa ke Khomishini e ikemetseng ya dikgetho e leng Independent Electoral Commission (IEC) kamora hoba ANC e hatise kosene ba bang ba balekgotla ba mokga ka diqoso tsa ho satalatsa molala.

Mmuelli wa ANC wa Profense, Jabu Mbalula, o boletse ha mokga o ne o se le malala a laotswe bakeng sa dikgetho tsena ka ho tseba hore e tla ba tse ntwa e mahlo mafubedu.

“Dikgetho tsena tsa tlatsetso di netefaditse hore ANC e ntse e le mokgatlo wa batho. Setjhaba sa Free State le naha ka bophara se ntse tswela pele ho ba le tshepo ho ANC jwaleka sona se sebediswa se molaong bakeng sa tokoloho e phethahetseng ya sona,” ho rialo Mbalula.

Ha a ntsha maikutlo a hae ka sepheto sa dikgetho tsena tsa tlatsetso, Mongodi wa ANC Free State, Polediso Motsoeneng, o itse: “Lebotho le leholohadi la sesolo sa Africa (e leng ANC) le leetong la ho kgutlisetsa seriti, botshepehi le setumo se setle sa yona kahare ho setjhaba seo e se etelletseng pele. Sena re se buiswa ke bokgoni ba rona ho boela hape re nka taolo ya di-ward tse nne tseo re neng re itekela tsona kahare ho Mangaung e le hore re tle be bongateng lekgotleng la motsemoholo.”

ANC e fetisitse diteboho ho baahi ba di ward tsena tse nne tseo e di hapileng.

Mokga o lakaleditse ba kgethilweng mahlohonolo.

Bona ke:

Clement Sehloho (Ward 7) – Monna

Dikololo “Congo” Matshepe (Ward 29) – Monna

Mohanuwa Julia Lekhwele (Ward 49) – Mosadi

Thabo Monare (Ward 50) – Monna