Banyana Banyana ba ya pallwa

Banyana Banyana ba hlabile ka lenaka fatshe papading ya bona ya pele ya Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Basadi 2023 ha e ne e hlolwa ke Sweden ka dintlha tse pedi ho e le nngwe (2-1).

Papadi ya Banyana Banyana kgahlano le Sweden e ne e bapallwa Wellington Regional Stadium, Wellington. E ne e le papadi ya Dihlopha tse Lenaneng la G la Dihlopha (Group G) tsa Mohope wa Lefatshe wa Bolo ya Basadi wa 2023 o tshwaretsweng Australia le New Zealand.

Banyana Banyana e bile bona ba di hulang pele metsotswaneng e 147 ya pele karolong ya bobedi ya papadi ka ntlha e hlabilweng ke Hilda Magaia ya ileng a ba wela kahare ho letanta nakong eo a hlabang ntlha.  Magaia o ile a fumana temalo ketsahalong ena hoo a ileng a tlameha ho ntshetswa kantle. Sebaka sa hae se ile sa nkuwa ke Gabriela Salgado.

Ntlha ya Banyana Banyana e tlile kamora tlhaselo e matla le e lebelo ya Banyana Banyana. Kamorao ho moo Banyana Banyana ba ile nyehlisa sekgahla sa tlhaselo mme ba dumella Sweden ho ba hlasela kgafetsa.

Banyana Banyana ba lekile ho etsa thibella morao empa Sweden e ile ya thuba lebota lena motsotsong wa 65 wa karolo ya bobedi ya papadi ha Fridolina Rolfo a ne a lekanya dintlha.

Sweden e ekeditse dintlha motsotsong wa bo 90 wa papadi ka hlooho ya Amanda Ilestedt ho tswa bolong e ne e rahwa e le huku ke Sweden.

Banyana Banyana ba fumane huku ya bona ya pele le ya ho qetela papadi e se ntse e leba qetellong. Sweden yona e ile ya fumana dihuku tse 13.

Papadi e latelang ya Banyana Banyana e kgahlano le Argentina ka Labohlano, 28 Phupu 2023.