Di ya duma ka Refengkgotso HD Radio

Se thakgohile mme se moyeng seteishene sa kgaso sa Refengkgotso HD Radio motseng wa Refengkgotso, Deneysville. 

Sena seyalemoya se fumaneha ho marang-rang a internent ho facebook, refengkgotsohdradio@gmail.com-0785572192 le ho playmystation-listen2myradio.app

Tsena tsohle ke ka bohlale le boqhetseke ba Kabelo Ngamla, mosebeletsi wa mehleng wa Karabo FM, e neng e le Zamdela Sasolburg.

Morero wa ho theha seteishene sa Refengkgotso HD Radio o qadile ka selemo sa 2015 ka mora hoba Ngamla a lemohe talente le bokgoni batjheng ba Metsimaholo le lerato leo a neng a ena le lona kgasong.

Ho thakgolweng ha sona, seteishene sena se qadile ho hasa ka Labohlano feela, empa ha jwale se se kgona ho hasa tsatsi le letsatsi.

Maikemisetso a ho theha Refengkgotso HD Radio ke ho phunyeletsa boemong ba ho theha seyalemoya sa setjhaba se tla kgonga ho hasa ka maqhubu a tlwaelehileng a radio, e leng a FM.

 “Re ikemeseditse ho etsa kopo ho Icasa bakeng sa license ya leqhubu la ho hasa, moo re tla fetola ho hasa ka internet re hase ka kotloloho ka lequbu la radio” ho hlalosa Ngamla.

Ho ya ka Ngamla seyalemoya sena se na le lekgotla la botsamaisi moo modula-setulo e leng Mike Tsotetsi le maloko a mang e leng Mathapelo Chila, Mozamo Richard Fenss, Mosiuwa Motaung le Bettie Masoka. Modula setulo wa Lekgotla la botsamaisi Mike Tsotetsi o kopile tshehetso le tshebedisano mmoho setjhabeng.

“Re kopa tshehetso le tshebedisano mmoho setjhabeng hobane seyalemoya sena ke sa rona kaofela, mme basebetsi seyalemoyeng sena ke batjha ba rona ba motseng mona. Mamati a seyalemoya a butswe bakeng sa baahi” ho rialo monghadi Tsotetsi.

Ngamla o kopile tshehetso e kgolo ho borakgwebo ka ha diphephetso di le ngata tseo ba tobaneng le tsona. “Re na phepetso tse kgolo tse jwaloka motlakase le metsi moo re sebeletsang teng, disebediswa tsa seyalemoyeng tse jwaloka transporoto le data le tse ding”.