Boipiletso ba mehato ya kgalemo kgahlano le balekgotla ba ANC Dihlabeng

SANCO Free State e re e tshositswe ke qeto ya ba bang ba balekgotla ba African National Congress Masepaleng wa Selehae wa Dihlabeng ya ho kgetha Motsamaisi wa Dipuisano e motjha ho tswa mokgeng wa Democratic Alliance (DA).

Molekgotla Eric Motloung wa DA o kgethilwe jwaleka Motsamaisi wa Dipuisano e motjha wa Dihlabeng kopanong ya Lekgotla la Motse e bileng ka Mantaha, 30 Pudungwana 2020.

Kgetho ya Motloung e tla kamora ho timela ha Motsamaisi wa Dipuisano, Molekgotla David Lengoabala ka Lwetse monongwaha.

 “Re kgathaditsehile haholo ke diketsahalo tsa matsatsing a ho feta masepaleng oo moo dikopano tsa lekgotla la motse di ileng tsa sitiswa ke bahanyapetsi ba neng ba iphethotse ditho tsa ANC.

“Qeto ya ho kgema le sera ka maikemisetso a ho tlosa eo e leng wa rona re ho nka e le ketso ya  bonokwane le ho se hlomphe.

“Balekgotla ba ANC ba tlotse taelo ya Komiti ya Profensi mme sena se re bontsha hore ha ho sa na taolo,” ho boletse Mmuelli wa SANCO Free State, Gift Poli.

O ipileditse ho mokga wa ANC ho nka mehato ya kgalemo kgahlano le ba leng molato.

“Re ipiletsa ho ANC ho nka kgato kgahlano le bahanyetsi bana ba tokoloho le dira tsa ntshetsopele. Mme re ipiletsa ho ANC ho sebetse ditaba ka leeme. Jwalekaha kgato e ile ya nkuwa kgahlano le balekgotla ba Maluti-a-Phofung ha ho be jwalo le ka bana ba Dihlabeng.

“Bohle ba kgemmeng le sera ha ba nkelwe dikgato mme ba tloswe ha hang ditulong,” ho rialo Poli.

SANCO e boletse hore e ke ke ya kgutsa ho fihlela e bona ho nkilwe mehato ya kgalemelo kgahlano le balekgotla ba ANC ba bileng le kabelo ho kgetheng Molekgotla wa DA jwaleka Motsamaisi wa Dipuisano.

Poli o ekeditse ka hore SANCO e ntse e tshositswe le ke qeto ya ANC ya ho beha nkgetheng ya nang le ditlolo tsa molaong ho iketa bakeng sa sekgeo sa molekgotla wa Clarens dikgethong tse tlang tsa tlatsetso.