Bitsa tse leng siyo hore di be teng

By Pastor Matefu Mokoena

JAKOBO 5: 17—18

Elia e ne e le motho ya ikutlwang jwaloka rona; leha ho le jwalo, o kile a kopa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, mme ka dilemo tse tharo tse nang le kgwedi tse tsheletseng pula ha e a ka ya na lefatsheng.

A boela a rapela, mme lehodimo la nesa pula, lefatshe le lona la boela la medisa dijo tsa lona.

Elia o ile a etsa tsena tse latelang hore pula e ne. – 1 Marena 18: 41 – 46

  1. O ile a nyolohela thabeng ya Karmele.

Thabeng ke moo a neng a ilo buisana le Modimo teng. Hona le maemo a hlokang hore o buisane le Modimo feela ka wona. Thaba ke sebaka seo o ipehelang sona hore o tla ilo shebana le Modimo o buisane le yena. Ke sebaka sa lekunutung le Morena moo o ke keng wa sitiswa ke letho teng.

  • A rapela.

Thapelo e etswang ka tumelo e na le matla ho sebetseng ha yona.

  • A bitsa pula e neng e le siyo.

Tumelo ke ho bitsa dintho tse siyo hore di be teng. Baroma 4: 17 e re ka tumelo re bitsa dintho tse siyo jwalekaha e ka di teng. Le Modimo o hlotse mahodimo le lefatshe ka dintho tse siyo. O ne a di bitsa feela mme di be teng. Le Elijah o ile a bitsa pula e siyo hore e be teng. Ka tumelo tse siyo di ka etsahala ho wena.

  • O ile a rapela ho fihla ho hlaha leru.

Rapela ho fihlela ho e ba le se etsahalang

  • O ile a re ho mohlanka wa hae a nne a kgutlele ho hlola hore e be leru le ya nyoloha na.

Leka hape.

  •  O ile a sebedisa matla a polelo a hae.

Ho 1 Marena 17: 1 o itse pula e tla na feela ka polelo ya hae.

  • Pula e ile ya ema ka polelo ya Elia
  • Pula ya boela ya na ka polelo ya Elia.

Sebedisa matla a polelo ya hao.

Motho o fetoha se bolelwang ke leleme la hae.

Leleme la motho le bopa dintho.

  • O ile a etsa tsebiso ya pula e tlang ka tumelo.

A bolella Morena hore a itukise hobane ho tla pula e kgolo. Le pele pula e ka na a hlanna a bolela pula. Bukeng ya Pele ya Marena 18: 41 – “Yaba Elia o re ho Akabe: Nyoloha, o je, o nwe, hobane ho utlwahala modumo wa pula e kgolo”

BOLELA PULA E KGOLO BOPHELONG BA HAO

1 Marena 18: 45 “Ho se hokae, mahodimo a ntshofala ke maru le ke moya, ha na pula e kgolo.”

Bitsa tse leng siyo di be teng bophelong ba hao.

Bitsa tse neng di sa etsahale bophelong ba hao hore di etsahale.

Bitsa mosebetsi o leng siyo hore o be teng.

Bitsa kgwebo e leng siyo hore e be teng.

Bitsa lelapa le leng siyo hore le be teng. Mme Modimo a o hlohonolofatse ka molekane wa sebele.

Bitsa phaello e leng siyo kgwebong ya hao hore e be teng.

Bitsa dithuso tsa ditjhelete tseo e sa leng di sa arabelwe ho re di arabelwe mme o fumane dithuso tsa ditjhelete tseo o di hlokang.

Bitsa ngwana eo e sa leng o mo hloka lenyalong la hao hore a be teng.

Bitsa tseo e sa leng o di sebeletsa ka thata hore di be teng empa di sa be teng, se teng e le tjhelete e felang o sa bone hore o e ntseng ka yona.

Bitsa phodiso mme o fole bohlokong boo e sa leng bo o tshwere ka dilemo-lemo

Bitsa dintho hore di be teng bophelong ba hao.

Bitsa matla a ho tswela pele ao e sa leng o a hloka.

****Pastor Matefu Mokoena is the Presiding Pastor of the Apostolic Faith Mission of South Africa, Batho Assembly in Bloemfotein

***You can also follow him on facebook page: Phela Hape – Live Again Souls Mission.

***Contact number: 073 086 2559, email: matefu.mokoena@gmail.com