Sepolesa sa motseng wa Odendaalsrus se kopa thuso ya setjhaba ho fumana Bonolo Lesedi Julia Motloung, ya dilemo tse 13, ya tlalehilweng a nyametse ka la 14 Mphalane 2026.
Ho tlalehwa hore Bonolo o ile a tloha lapeng ha bona Odendaalsrus a sa bolella Mme wa hae hore na o ya hokae, mme ha a e so bonwe ho tloha ka nako eo.
Ka nako eo a nyametseng ka yona, o ne a apere sekete se sekgubedu, hempe e tshweu le jeresi e kopantseng mebala e kgubedu le bosweu.
Mang kapa mang ya ka bang le lesedi le ka thusang ho fumana ngwanana enwa a ka ikopanya le lepolesa le etsang dipatlisiso, Warrant Officer ML Scott, nomorong ya mohala ya 057 916 2430, kapa a ikopanye le sepolesa se haufi le eena.

