Sepolesa sa Odendaalsrus se kopa thuso ho ka fumana Bonolo Motloung(13) ya nyametseng

Sepolesa sa motseng wa Odendaalsrus se kopa thuso ya setjhaba ho fumana Bonolo Lesedi Julia Motloung, ya dilemo tse 13, ya tlalehilweng a nyametse ka la 14 Mphalane 2026.

Ho tlalehwa hore Bonolo o ile a tloha lapeng ha bona Odendaalsrus a sa bolella Mme wa hae hore na o ya hokae, mme ha a e so bonwe ho tloha ka nako eo.

Ka nako eo a nyametseng ka yona, o ne a apere sekete se sekgubedu, hempe e tshweu le jeresi e kopantseng mebala e kgubedu le bosweu.

Mang kapa mang ya ka bang le lesedi le ka thusang ho fumana ngwanana enwa a ka ikopanya le lepolesa le etsang dipatlisiso, Warrant Officer ML Scott, nomorong ya mohala ya 057 916 2430, kapa a ikopanye le sepolesa se haufi le eena.