Boipiletso ba phatlalatso ya maemo a qomatsi mapolasing a wetsweng ke koduwa

Mokgatlo wa African Farmers Association in South Africa (AFASA), o entse boipiletso ho Mmuso ho phatlalatsa maemo a qomatsi kamora ha ho shwa ha dikgomo bekeng ya ho feta ka baka la maemo a mabe a lehodimo a kentseng pula le mohatsela.

Mokgatlo ona le Lefapha la Temo, Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng le Merero ya Tikoloho Foreisitata, ba etetse dihwahi dibakeng tse fapaneng ka hara Setereke sa Fezile Dabi ho hlahloba le ho lekola maemo a tshenyehelo, le ho bona hore ba ka thusetsa jwang.

Ha jwale ho se ho etetswe diwhai metseng ya Phiritona, Heilbron, Refengkgotso Deneysville, mme maikemisetso ke ho etela le dibaka tse ding hape moo tlaleho tsena di hlahile.

Monghadi Piet Mothepu eo e leng Hloho ya Komiti ya Diphetoho Tabeng tsa Mobu, Mokgatlong wa AFASA, o entse boipiletso ho Mmuso wa Foreisitata ho Phatlalatsa Maemo a Qomatsi ka baka la ho shwa ha mehlape ena.

Mothepu o entse kgoeletso ena nakong eo ba neng ba etetse motse wa Phiritona Heilbron ho ya hlahloba maemo. Ho ya ka mokgatlo ona e ka ba mehlape e ka hodimo ho makgolo a mahlano e shweleng dibakeng ka ho fapana.

“Ketelo ya rona dibakeng tsena ke ho tla lekola maemo le ho bona hore re ka thusetsa jwang koduweng ena e hlahetseng dihwai, re nehelane ka dijo bakeng sa makgomo, meriana, disebediswa tse ntlafatsang jwalojwalo ho diwhai” ho rialo Mothepu.

“Mokgatlo wa rona wa AFASA o tla tswelapele ho beha maemo ana leihlo, le ho etsa bonnete ba hore dihwai dibakeng ka ho fapana di fumana sebaka kapa lefatshe moo ba tla sebetsa ka bolokolohi ho ntlafatseng maemo a bona,” ho phethela Mothepu.