Sepolesa sa Welkom se batlana beng ba monna ya sa tsejweng ya fumanweng a hlokahetse

Sepolesa sa Welkom se ipiletsa ho setjhaba ho thusa ho fumanweng ha ba leloko kapa ba ka tsebanang le monna eo setopo sa hae se ileng sa fumanwa tlasa borokgo haufi le Bronville.

Monna enwa wa Moafrika, ya lekanyetswang ho ka ba dilemong tse bohareng ba-50, o ile a fumanwa ke motho ea neng a feta ka tsela tlasa borokgo ba Jan Hofmeyer Road ka Laboraro la la 12 Phato 2026, nakong tsa bo hora ya 11:00.

Sepolesa se ile sa bitsetswa sebakeng seo, moo se ileng sa fumana setopo sa monna eo. Ha a fumanwa, o ne a apere jase e ntsho a kwahetswe ka dikobo. Sepolesa se butse faele ya dipatlisiso tsa lefu (Inquest) ho fumana maemo a amanang le lefu la monna eo le ho leka ho fumana boitsebiso ba hae.

Ho fihlela ha jwale, monna eo ha a tsejwe, mme Sepolesa sa Welkom se ipiletsa ho mang kapa mang ya ka bang le lesedi ka monna enwa, kapa beng ka ena, ho ikopanya le bona.

Mang kapa mang ya ka bang le tlhahiso leseding e ka thusang Sepolesa o kopuwa ho ikopanya le Warrant Officer Tseliso Nthaba wa Welkom Detectives ho 083 525 3771.

Kapa Crime Stop ho 08600 10111 kapa ka MySAPS App.