Mohlang tshepo e hanang ho shwa ke mohlang o bang tshepo le moo tshepo e leng siyo, ho bolela Moruti Matefu Mokoena

Bibele e tshwantsha tshepo le sefate se kgaotsweng empa se hana ho shwa. Ho Jobo 14:7 – 9 e re leha sefate se ka kgaolwa empa tshepo e sa le teng bakeng sa sona ha fela se sa fotholwa metso.

Tshepo e hana ho shwa le ha ho se ho thwe e se e fedile empa yona e itsohele, e tsose monga yona, e mo hlohlelletse ho tswela pele ka bophelo le ho leka hape.

Ho sa kgathalatsehe hore ho etsahalang ka wena, tshepo e sa le teng bakeng sa bophelo ba hao

Tshepo e sa le teng bakeng sa hao, lelapa la hao, bana ba hao, batswadi ba hao,molekane wa hae, banabeno le ho tsohle tsa hao.Tshepo e sa le teng bakeng sa bokamoso ba hao.

Tshepo e sa le teng bakeng sa ditoro tsa hao ho sa kgathalatsehe hore ba o nyahamisitse hakae, ba o tshehile hakae le hore ba o somme hakae le hore ba o sebile hakae.

Tshepo e sa le teng bakeng sa ditjhelete tsa hao ho sa kgathalatsehe hore o sesa kahara dikoloto tse hae.

Tshepo ke eng na?

  • Tshepo ke ho lebella seo Modimo a se tshepisitseng o sa tsitsinyehe.
  • Tshepo ke ho ba le mamello e tiileng ya hore seo o se batlang se tla etsahala.
  • Tshepo ke ho ema o tiile o emetse se itseng se etsahale kapa sepheto se itseng
  • Tshepo ke ho ba le mamello ya ho emela kapa ho phehella ho batla seo o se batlang ho fihlela se etsahala.
  • Tshepo ke ho ikgothatsa ka hore seo o se lebeletseng se tla etsahala.

Ho ya ya ho ye ho fihle nako eo tshepo e seng e batla e fela le moo e seng e fokola teng le moo e seng e fedile tu! Haholo jwang ha ho sa etsahale letho. Ha e se e le jwalo e se e tshwana le sefate se kgaotsweng.

Feela taba ke yena, le ha e bonahala e ka e fedile empa ha e ya shwa. E hloka feela se kang tlhase ya mollo hore e hotetswe feela o tla bona ha e boela e tuka. E tla boela e fetoha lekabe la mollo. Jwaleka sefate se bonahala eka se fedile mohlang se fumanang metsi se a hloma hape, le tshepo e jwalo.

Haeka tshepo e ya fela balehela sebakeng seo o tla ho fumana metsi a tla nosetsa tshepo ya hao. E ba moo o tla fumana dikgothatso e seng dikobiso, e seng dikomang.

Modimo ke mohlodi wa tshepo ya rona –  Baroma 15:13. Modimo a ke a tsoseletse tshepo ya eo a sa felletswe ke yona. A tsose le eo e seng e shwele.

Qoba dintho tse fokodisang tshepo ya hao le tse ka batlang ho bolaya tshepo ya hao e leng tseng tse latelang:

  • Menahano e sa lokang
  • Ho tsepamisa ho dintho tse phehisanagng le maikemisetso le maikutlo a matle a hao
  • Menahano ya dintho tse nyahamisang
  • Mantswe a nyahamisang
  • Ho nahana haholo ka maemo a ha jwale ao o shebaneng le wona
  • Tsela eo o shebang bophelo ka yona. O se ke wa sheba bophelo ka maikutlo a seng a hlotswe.
  • Sebaka seo o phelang ho sona
  • Batho bao o leng haufi le bona

Abrahama o bile le tshepo moo tshepo e seng e le siyo teng. Taba tseba re di fumana ho Baroma 4:18 mme yona e re, “Abrahama o dumetse ka tshepo, leha ho ne ho se sebaka sa ho tshepa, hore o tla fetoha ntata ditjhaba tse ngata, ka seo a se boleletsweng, ha thwe: Leloko la hao e tla ba le lekalo.”