Basotho ka kakaretso naheng ena le tse mabapi jwaloka Lesotho, batla keteka thwaso ya Selemo sa bona motseng wa Botjhaba ba Basotho,Qwaqwa ka la 01 Phato 2026.
Mokete wa selemo sena e tla be e le sehopotso sa dilemo tse 20 sa keteko ya selemo se setjha sa Basotho.
Letona Lefapheng la tsa Dipapadi, Bonono, Setso le Boithabiso Foreistata NtombiZanele Sifuba le re tebello ke hore, Batlotlehi le baahi ho tswa Freistata ka bophara, dibakeng tse ding tsa naha hammoho le naheng ya boahisane ya Lesotho, ba lebeletswe ho ba teng moketeng.
Letona le ekeditse ka hore mokete ona o matlafatsa mokgubu wa botjhaba le nalane e kopanyang Basotho ba Freistata le ba Lesotho.
Lefapha le re mokete wa selemo sena o tla itshitleha tlasa mokotaba o reng “Mosadi ee, ha oa e bonela tlung” Meaparo ya setso, dijo, mmino, metjeko le tse ding tse ngata e tla ba karolo ya mokete oo.


