“Re leboha ho bohle ka tshehetso, molaetsa o fihlile” ho bua Moitseki wa Namahadi Frankfort, tabeng tse amanang le bohloko ba kwatsi ya bosolla tlhapi e leng HIV/AIDS, Thabo Tsotetsi.
Tsotetsi le batshehetsi ba hae ba nkile leeto ka maoto tsatsing la maobane 25 Mmesa 2026, ba tloha motseng wa Namahadi Frankfort, ho ya motseng wa Mafahlaneng Tweeling.

Leeto lena e ne e le la ho hlokomedisa setjhaba ka lefu lena, ho kgothalletsang batho ho etsa diteko le ho tseba maemo a bona hara tse ding.
Tsotetsi o re o leboha bohle ba nkileng karolo hammoho le tshehetso eo ba e fumaneng Sepoleseng sa Tweeling.


