Sepolesa sa Harrismith se kopa setjhaba ho thusetsa ho rarolla pharela eo se kopaneng le ona, kamora ho fumanwa ha setopo sa motho ya sa tsejweng a bile a sa bonahale mmileng o moholo wa N3 haufi le sebaka sa Emoyeni Harrismith, ka la 17 Tshitwe 2025.
Mofu enwa ha a tsejwe, le tshobotsi ha e bonahale hohang. Ho belaellwa ha makoloi a mo tsamaile hodimo, mmileng ona wa N3.. Bong ba mofu ha bo so tsejwe ha jwale, mme nyewe ya polao ntle le maikemisetso e ritetswe, e ntse e batlisiswa.
Sepolesa se ipiletsa ho mang kapa mang ya ka bang le lesedi kapa ba leloko ba sa fumaneng e mong wa bona, ho ikopanya le Harrismith Detectives Service, Detective Captain Zwane at 060 976 4290 or Crime Stop 08600 10111. Alternatively, send a tip-off on the MySAPS App.

