Sepolesa sa motseng wa Warden, se netefaditse hore Thabiso Pone ya dilemo tse 15, eo a ileng a tlalehwa a nyametse o fumanwe, mme se motjheng wa ho mo kopanya le ba lelapa la hae.

Thabiso o tlalehilwe a nyametse ke Mme wa hae, Mme Pone wa Plot D, Warden ka Labohlano la 31 Lwetse 2025, horeng ya bo botshelela, nakong eo ba neng ba sebetsa tshimong, kamora ho ba a tlohe moo a kopa ho ya ntlwaneng, ya ba ha sa kgutlile.
Kamora ho tswa letsholo la kapele la ho mo batla le metseng ya metswalle e haufinyana, ha a ka a fumaneha, Mme wa hae ke ha a tla tlaleha Sepoleseng sa Warden.

