Tlaleho ka Lekhotla Mokoena
Moitseki tabeng tse amanang le bohloko ba kwatsi ya bosolla tlhapi e leng Hiv/Aids, Thabo Tsotetsi wa Namahadi Frankfort o hlalosa hore le ha o sa tshwaetswa ke lefu lena, empa o ya ameha ka baka la hore ho na le motho o mo tsebang, e ka ba wa leloko ka metswalle ya phelang ka lefu lena. Mme seo o ka se etsang ke hore o se iphapanye boteng ba bohloko le kotsi ya HIV/AIDS.
Bekeng e fetileng ka la 28 Phupjane 2025, Tsotetsi le batshetsi ba hae ba kene letsholong la ho hlokomedisa batho ka lefu lena, ho kgothalletsa batho bohle ho etsa diteko le ho tseba maemo a bona, le ho hopola ba hlokahetseng ka lona, ka ho tsamaya ka maoto ho tloha Frankfort ho ya motseng wa Ntswanatsatsi Cornelia, Masepaleng wa Mafube.

Selemo sena ke sa mashome a mabedi(20), haesale Tsotetsi a phela le lefu lena, kamora ho etsa diteko. “ Kamora ho tseba hore ke phela le lefu lena ke moo ke ileng ka elellwa kamoo batho ba phelang le lefu lena ba kgesollwang, le ho tshwarwa ka tsela e fapaneng le ba bang, hammoho le sekhobo(stigma) sa bophelo ba hao bohle. Ho tloha ka tlung, ho ya hara motse, mosebetsing le ditsheng tsa kokelo” ho rialo Tsotetsi.
“Ke ile ka tlameha hore ke phahame le ho leka ho kena dipakeng haholo ditsheng tsa kolelo (clinics), moo tshwaro ya rona ba nang le lefu lena e neng e hlomola pelo ka teng. Re ne re kgethollwa ka baka la lefu lena, re kobiswa ka mabitso-bitso mme e re dula re le bang, se neng se pepesa maemo a ho kula ha rona. Ke moo nkareng ke qadile teng ho ba Moitseki wa tse amanang le lefu lena”, ho eketsa Tsotetsi.
“Ke ile ka hlophisa ho tswa letsholo la ho tsamaya ka maoto ho tloha Frankfort ho ya Villiers ke le mong ho hlokomedisa ka lefu lena. Ke moo ka mora hoba ke bue ka letsholo lena mehloding ya marangrang, ke ileng ka makatswa ke tshehetso ho tswa ho baahi ba Namahadi ba ithaopang ho kena le nna leetong lena.Haesale ho tloha tsatsing leo tshehetso matsholong a mofuta ona e eketsehile haholo”.

Moitseki enwa o se a tsamaile ditoropo tsohle tse Masepaleng ona wa Mafube ka letsholo lena la hae. “Se kgathatsang matsatsing ana ke ka moo batho ba sa lateleng tsela eo ba tlamehang ho nka meriana ya bona ka teng, le mokgwa o fosahetseng o jeleng setsi wa ho arolelana meriana.
Phepetso e ntse e le e kgolo haholo ho Tsotetsi le baitseki ba bang ho lwantshana le kgodumodumo ena ya Hiv/Aids. Tsotetsi o dumela hore ha batho ba ka etsa diteko ka bongata ba tseba maemo a bona, sena se ka thusa haholo. “Phepetso e kgolo eo ke kopanang le yona ke tshehetso ka di sebediswa nakong tsa matsholo ana, mme ka hona ke ipiletsa ho bohle ba ka kenyang letsoho ho thusetsa” ho rialo Tsotetsi.
“Ke leboha batho bohle ba bileng le seabo letsholong lena le ho a mang a fetileng, ke lebohe le batshehetsi ba rona ba dikgwebo le ba bang bohle” ho qetella Tsotetsi.
Tsotetsi o a fumaneha ho Facebook page: Coke Glade ka Tsotetsi

