Letsholo la Komishini ya Naha ya bareki le utulla dijo tse seng di se maemong a ho rekiswa

Komishini ya Naha ya Bareki e ile ya tswa letsholo la ho ilo hlola maemo a dijo le thepa tse rekiswang ke mabenkele ka ho fapana.

Letsholo lena le ne le ipapisitse le Molao wa Tshireletso ya Bareki e e leng Consumer Protection Act (CPA), Act 68 of 2008.

Le bile hape le susumeditswe ke diketsahalo tse ngata tseo ho tsona dikgwebo di sa ipapiseng le Molao wa Tshireletso ya Bareki.

Komishini e ntshitse ditlhokomidiso tse 45 tsa ho dikgwebo tse sa ikobeleng molao ona wa bareki.

Letsholong la yona Komishini e utullutse mefuta e fapaneng ya di ya ka maleng tse senyehileng le tse fetilweng ke nako ya thekiso tse kenyeleditseng kahare dihlahiswa tsa lebese, nama, phofo, mahe, dikuku le di noodles.

Athe tse ding di fumanwe di sa hlahise letsatsi la pheletso ya thekiso kapa ya pele ho pheletso ya thekiso.

Sena ho ya ka komishini se kgahlano le Section 55(2) of the CPA, e netefalletsang moreki tokelo ya polokeho, phahlong tse sebediswang le tse maemong a tsepameng.

Komishini e hlokomedisitse bareki ka bohlokwa ba ho beha setlankana sa nako diphahlong tse rekiswang. Sen se thusa bareki ho itekolela polokeho ya phahlo tseo pele ba ka di reka. Barekisi ba bang ba tswela pele ho rekisa dihlahiswa tse kang boroso (wors), nama ya kgoho le phahlo tse ding ntle le setlankana se hlahisang dintlha ho tsona. Sena se kgahlano le karolo ya 24 ya Molao wa Tshireletso ya Bareki.

Komishini ena ya Bareki e boetse ya fumana hore barekisi haholo bakeng tsa mahaeng, le tse mahareng a mahae le ditoropo di bapatsa phahlo tse kareng noodles, tswekere, sopo le dijo tse kahara mabekere ntle le ho bontsha beha theko ya tsona.

Sena le sona se kgahlano le molao wa bareki o totobatsang hore phahlo kaofela tse rekiswang di behwe setlankana se bolelang theko ya tsona ke bokae ho netefatsa hore ha ho patuwe thekisong le kgethong ya moreki.

Ho tse ding tsa diketsahalo tse jeleng setsi empa di fosahetse ke moo bareki bas a fuweng dirasiti tsa tseo ba di rekileng.

“Barekisi ba diphahlo le ba phano ya ditshebeletso ba tlameha ho ntsha fa moreki rasiti mme rasiti eo e tlameha ho hlahisa lebitso la morekisi le aterese, mofuta wa phahlo o rekilweng le palo ya tsona le theko ya yona e kenyeleditseng lekgetho la motla o tutswe (Value Added Tax,VAT)

Dikgwebo tse amehang di laetswe ho tlosa le ho senya phahlo e seng molaong, ho ngola phahlo hantle ho ya ka molao wa bareki le melawana le dipehelo. Ba tlameha ho etsa bonnete ba hore boleng ba thekiso(price) bo ya bonahala phahlong tsa bona.

Dikgwebo tse hlolehang ho ikamahanya le melao ena di ka fetisetswa ho Lekgotla la Dinyewe tsa Bareki moo di ka iphumanang di fumane kotlo e ka fihlang ho R1 millione kapa 10% ya lekeno la selemo la morekisi.

Mokhimishinare ya Tshwereng Mokobobo wa Khomishini ya Ditaba tsa Bareki, Hardin Ratshisusu, o boletse ha polokeho ya dijo e le kahodimo maikemisetsong a bona. “Kgatello ena ke karolo ya ho tlosa thekiso ya phahlo tse sa bolokehang ho bareki, Khomishini e tla tswella ka tshebedisano mmoho le balekodi babang ho netefatsa ho ikamahanya le melao ya Bareki.”