Letsholo la tlhokomediso ka mahloko a amang nahano le boitshwaro ba motho e leng Attention Deficit Hyperactivity Disorder (ADHD) le mathata a puo e hlakileng le tsela e itseng ya monahano e leng Austism le ntse le le motjheng.
Mokgatlo wa Tshepiso-Hope Bheka eThembeni o leng motseng wa Sasolburg, o tswelapele ka letsholo la ona la tlhokomediso ya mafu a setisang kelello le maikutlo haholo baneng.
Mokgatlo ona o sa tswa etela toropo ya Tumahole, Parys, bekeng e fetileng ho etsa tlhokomediso ka mafu. Kgweding e fetileng ya Motsheanong letsholo lena le bile motseng wa Zamdela, Sasolburg.
Tshepiso-Hope Bheka eThembeni e ile ya fumana tshehetso ho tswa ho Mafapha a Bophelo Free State le Gauteng, Baetapele ba Setjhaba, Kantoro ya Mopresidente wa Naha le ya Tonakgolo, Sepolesa, Batswadi ba Bana ba amehang, Mokgatlo wa Dingaka tsa Setso ekasitana le baahi ba Tumahole ka kakaretso. Letsholo lena le ne le tshwaretswe Master Nakedi Sports Centre, Tumahole.
Ho ya ka Ntando Mbhele ho tswa Lefapheng la Bophelo Gauteng batho ba bangata ba sitwa ho amohela ha bobebe ha ba anngwe ke mefuta ena ya mahloko.
“Batho ba lesisitheho haholo ho amohela ha ba kula ka mahloko a kelello, e be boholo bo hlahella ha mathata a se a le maholo moo nakong tse ding bana ba be ba nke maphelo a bona.
“Nakong tse ding re bona bontate ba hlekefetsang bomme le bana ba ipolayang ka ba ka la dipuo tse bang teng setjhabeng tse mabapi le lefu lena le amanang le mahloko a kelello.
“Ke elelletswe hore ngwana le motho a moholo ba tshwerweng ke lefu lena ba tshwana, Ngwana o ameha kelellong le maikutlong jwalo ka motho a moholo” ho rialo Mbele.
Ngwana ya jwalo ho ya ka Mbele o qetella a bile le mathata sekolong, ha abapala le bana ba bang kapa a be le mathata a dikamano tse ntle lapeng.
A mang a matshwao ADHD a kenyelletsa ho se tsepamese maikutlo ho seo o se etsang, ho se phethele mosebetsi, bohlaswa, ho se itlhophise hantle, ho lebala le ho hloka mamello hara tse ding.
“Ngwana o ye a bontshe matshwao ana kgweding tsa pele tse tsheletseng, mme matshwao a na a tlameha ho hlahela pele ngwana a ba le dilemo tse 12, kamora dilemo tse 12 e tlabe e se bothata bona e tla e le hohong. Ngwana ya nang le ADHD o qetella a e ba le kgatello ya maikutlo, jwaloka ha a sa kgone ho ithuta mme a ka qetela a sa tsebe ho bua, hangata o batla ho ba mong seo qetellong se mo tlisetsang menahano e mengata e ka mo kenyang tsietsing”
Sandile Mdlalose wa Lefapha la Thuto Free State o hlalositse ha profensi ena e na le dikolo tse 24 tse ikgethileng, mme tse pedi (2) ho tseo ke tsa bana ba nang le bofokodi ba ho utlwa ditsebeng le ba sa boneng mahlong. Se seng sekolo se Qwaqwa se seng se Thaba Nchu.
“Ho na le dikolo tse ding hape tse tsheletseng tsa bana ba hlokang tlhokomelo e ikgethileng tse leng seterekeng sa Fezile Dabi, re batla ho bona bana ba ba kena sekolo hosa kgathalatsehe maemo a bona” ho rialo Mdlalose.
“Re hlokometse rele lefapha hore dikolo tsena tse teng dinyane ke ka hoo re nkileng qeto ya ho ets sekolo sa ditshebeletso tse felletseng moo ka hara sona ho tla bang le phaphosi e ikgethileng, bana kaofela bana le tokelo ya thuto haufi le moo badulang teng,moo relekang ho baleha taba ya hore ngwana a tlameha ho bala hole le hae jwale e tla re ha ngwana a ntse a emetse sebaka ebe ontse a bala a bile a fumana thuso a e hlokang e nang le tshehetso kahare.
Matlakala Lenkoane eo e leng motswadi ya dulang le ngwana wa autism disorder o re ha e sa le a hlopheha ka ngwana wa hae ha tlameha ho mo fumanela sekolo. “Hangata re bolellwa hore dikolo di tletse e be haesale re emetse ho fumana sebaka, ke lakatsa e ka lefapha la Thuto le ka etsa ditlhokomediso dikolong bakeng sa bana ba nang le bothata bona hore le batswadi ba bona ba fumane tsebo le tshehetso e etsuwang mokgatlong wa Tshepiso-Hope Bheka eThembeni. “Hape ekare re ka fumana thuso jwalo ka batswadi ba bana ba autism and ADHD hobane le rona re a thefuleha moyeng, maikutlong le maphelo a rona a ya ferekana” ho rialo Lenkoane.
Moemedi wa mokgatlo wa Tshepiso-Hope Bheka eThembeni Sister Boss o lebohile tshehetso eo ba e fumaneng ho tswa mokgatlong ka ho fapana le ho baahi, mme o boetse a etsa kgoeletso ho baahi ho iponahatsa matsholong a tshwanang le a na a mokgatlo wa bona ho tla ikutlwela le ho fumana tsebo le lesedi.