Tshebeletso ya Lepato la Semmuso bakeng sa monga EA LLA KOTO

Tonakgolo ya Free State, Sisi Ntombela, o amohetse ka thabo qeto ya Mopresidente Cyril Ramaphosa ya ho tjhaela monwana tshebeletso ya lepato la Monga Sehlopha sa Free State Stars ya seng a ile boya batho, Mike Mokoena, hore e be ya semmuso.

Tshebeletso ya Lepato e tla ba ka Labohlano motseng wa Bethlehem, Mmasepaleng wa Selehae wa Dihlabeng.

Ho ya ka mmuelli wa Mmuso wa Free State, Setjhaba Maphalla, tshebeletso ya lepato la Mokoena e tla ba e ikgethileng ya Karolo ya bobedi (Special Official Funeral Category 2).

Maphalla o ekeditse ka hore Mopresidente o laetse hore tshebetso ya lepato la Mokoena e tsamaiswe ho ya ka ditaelo tsa Covid-19 tsa di-lockdown jwalekaha di ile tsa hlaloswa ke Letona la Mebuso ya Kopanelo le Ditaba tsa Borena, Dr Nkosazana Dlamini-Zuma, ka di 25 Hlakubele monongwaha.

Ramaphosa o laetse hore di folaga tsohle tsa naha di fofele tlase meahong yohle ya mmuso ka letsatsi la lepato.

“Mike Mokoena o sebeleditse Free State le lefatshe la dipapadi ka boitelo. Ha moya wa hae o robale ka Kgotso,”ho rialo Ntombela.