E bile thabo le nyakallo e kgolo nakong eo baahi ba hodileng ho tswa dibakeng tse fapaneng kahara Setereke sa Fezile Dabi, ba hopola mehleng ya bona, ka dipapadi tse neng di hlophiseditswe bona ka ho kgetheha. Dipapadi tsena di ne di tshwaretswe lebaleng la dipapadi la DP de Villiers le Sasolburg, ka la 29 Phupu 2025
Dipapadi tsena di ne di akga kahare papadi ya bolo ya maoto, dipapadi tsa setso, ho ithapolla mmele, mabelo a makgutshwane jwalojwalo.

Mohopolo wa dipapadi tsena o tlile ka Sephadi se ka Sehlohong Masepaleng wa Metsimaholo Mokhanselara Fikile Mosokweni, ka tshebedisano mmoho le Lefapha la Bophelo, la tsa Dipapadi, Bonono, Setso le Boitlhabollo hammoho le la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Majoro Masepaleng ona Mokhanselara Jack Malindi hammoho le maloko a komiti ya hae, makhanselara, le basebetsi ho tswa mafapheng a fapaneng ba bile teng ho tshehetsa dipapadi tsena., Mokhanselara Mosokweni o ile a abela Maqheku ana diisetifikeiti e le letswao la hlompho le kananelo.
“Boikgathatso bona ha se ba dipapadi le boitlhapollo fela, ke ho netefatsa bohlokwa ba maqheku a rona, ho ananela nalane ya bona le ho etsa bonnete hore ba tswelapele ho re etella pele ba matlafetse. Re keteka hape mamello le bohlale ba bona” ho rialo Mosokweni.
Hodima tseo tsohle, e bile hape tsatsi la menyakwe, meqoqo, ho hopotsana nalane, le la kgokahanyo ya setjhaba, le ho bontsha hore Masepala wa Metsimaholo o ikemiseditse ho kenyelletsa baahi Ntshetsopeleng ya motse oo.


