Setsha sa Kgodumodumo se hapa setumo ho bahahlaudi

Setsha sa ditlhaloso Kgodumodumo Dinosaur Interpretation Centre se sa tswa thakgolwa bekeng e fetileng Golden Gate Highlands National Park, Free State se bonahala se ikgapela setumo ho bahahlaudi.

Matsatsing a mabedi fela se butswe se etetswe ke baeti ba 187. Baeting bao ba 157 ke batho ba baholo, le bana ba 28.

Pale ena e qadile dilemo tse makgolo a mabedi tse fetileng, sibolla masaletsa a ntho tsa kgale-kgale tse amanang le tsa setso sa Basotho. Ha jwale makeno ke mahala setsheng sena ho fihlela ka la 30 Lwetse 2025.