Setopo sa nkgono a ntseng a batlwa se fumanwa metsing

Nkgono Malefu Julia Nkutha ya dilemo 70 wa Qwaqwa eo a saleng a ntse a batlwa ke sepolesa le ba lelapa o fumanwe. Empa tse bohloko ke hore o fumanwe e se e le mofu.

Sepolesa sa Phuthaditjhaba se ile sa kopa thuso ya ho batliswa Nkgono Malefu kamora hore a tlalehwe a nyametse ka la 19 Phupu 2025.

Sepolesa se ntshitse setopo sa hae nokeng mahareng a Kollatsoene le Phuthaditjhaba, ka tshehetso ho tswa sehlopheng sa dipatlisiso le pholoso sa Phuthaditjhaba, Sergeant Mabe, Constable Rampai le Mr TS Motloung wa Maluti-a-Phofung lefapheng la tsa pholoso le mollo.

Lelapa la mofu le bile teng ho netefatsa setopo.